KETAPELE
Dilemong tse leshome tsa ho qala tsa puso ya rona ya demokerasi, re ile ra kenya matla ohle a rona le ho etsa mekutu ya ho sutha mokgweng wa thekolohelo ho leba ntshetsopeleng ya setjhaba ha tshekamelo ya leano le phethahatso di fetoha, moo re ileng ra hlahisa maano le meralo ya melao e ileng ya betla tsela ya ho ntlkafatsa phumantsho ya ditshebeletso mafutsaneng le bao ba sa sireletsehang bao thekolohelo ya bona e leng mahetleng a rona.
Lefapha dilemong tse leshome tse fetileng esale le tsepamisitse maikutlo haholo tshireletsong ya setjhaba, mme le beheletse ka thoko taba ya ho tadima ditshebeletso tse ding tsa setjhaba. Tekanyetso ya tshireletso ya setjhaba e ile ya siya mehlodi e sa lekanang ya thuso bakeng sa ditshebeletso tse ding, ra lahlehelwa ke bokgoni ba diprofeshenale tse ngata tsa bohlokwa, mme le mekgatlo ya setjhaba ya se kgone ho fana ka ditshebeletso. Hona ho biole le sephetho se seng setle phumantshong ya ditshebeletso. E meng ya mekgatrlo ena e ile ya tshwanelwa ho kwalwa
Bakeng sa ho rarolla ditaba tsena Lefapha la Naha la Ntshetsopele ya Setjhaba le ile la simolla ka tshebetso ya ho etsa Leano le amanang le Tshehetso ya Ditjhelete bakeng sa Baabi ba Ditshebeletso (Policy on Financial Awards - PFA). Dinnete tse teng hona jwale naheng ena di qobella mmuso hore o boele o lekole mokgwa wa ona wa tshebediso ya mehlodi ho netefatsa taba ya kabo e anelang batho ba neng ba ntse ba tinngwe menyetla nakong e fetileng.
Leano la Tshehetso ya Ditjhelete (PFA) ke se seng sa disebediswa tsa bohlokwa haholo tse tla etsa bonnete ba hore ho ba le phumantsho ya ditshebeletso le hothusa diphetohong tsa ditshebeletso ka ho thusa baabi ba ditshebeletso ka ditjhelete. Mmuso, ka Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba o lokela ho phethahatsa dintho ho latela thomo ena mme o a tseba hore o ke ke wa kgona ho fihlela maikemisetso ana ka boona o le mong. Ka hoo, Lefapha le entse maiteko a ho netefatsa hore ho ba le tshebedisano e kgolo, le selekane le mekgatlo eo e seng ya mmuso (di-NGO), mekgatlo ya bodumedi (di-FBO), mekgatlo e theilweng hara baahi (di-CBO), dikhampani tse ka tlasa mmuso (di-parastatal) le mokga wa kgwebo.
Bakeng sa ho phethahatsa leano, ho ile ha hlahiswa mehlala ya ditjeo bakeng sa ho rarolla ditaba tse batsi tsa mawa a ho le kenya tshebetsong. Hore baabi ba ditshebeletso ba sebetse ba lokelwa ho thusa ka ditjhelete ka mokgwa o lekaneng, mme ho hlokeha le maemo a amohelehileng a thuso ya ditjhelete diprovenseng tsohle. Ka hoo Lenaneo la Mehlala ya Ditjeo la Ditshebeletso tsa Setjhaba le tla tiisetsa hore ho ba le maemo a amohelehileng a tshwanang mmoho le tekatekano kabong ya mehlodi ya thuso. Ditshisinyo tse mabapi le lenaneo la thsuo ya ditjhelete le hlalositsweng ho PFA le tla etsa bonnete ba hore mehlodi ya thuso e lebiswa baahing le mekgatlong e futsanehileng haholo, le hore mmuso o fana ka ditshebeletso tseo kgonehang.
Lefapha le hlahisitse mme la ba la amohela Ditataiso tsa Mokgwatshebetso mmoho le disebediswa tsa tsamaiso, tse lokelwang ho balwa mmoho le Leano la Tshehetso ya Ditjhelete ho Baabi ba Ditshebeletso.
Jwalo ka mmuso, re ke ke ra lebala mekutu le makgobonthithi a entsweng ke setjhaba ntlheng ena ya ho fana ka ditshebeletso. Re bone diprojeke tse jwalo ka Lenaneo le Atolositsweng la Mesebetsi ya Setjhaba (EPWP) le Lenaneo la Thuso Bofumeng di kopanya setjhaba le mmuso phumantshong ya ditshebeletso. Ke ka moya ona wa tshebedisano re kgothaletsang batho ho ba le seabo sa ho bopa bophelo bo ntlafetseng bakeng sa bohle. Tshebeletso le kabelo tse entsweng ke baithaopi, baabi ba ditshebeletso ba poraefete le mekga ya setjhaba e lokelwa ho tlotlwa.
Re motlotlo ho bolela hore ke ka ho sebetsa re le sehlopha re kgonneng ho bea motheo wa ho matlafatsa ntshetsopele ya setjhaba mme re tla sebetesana ka katleho le diphepetso tse ngata tseo re tobaneng le tsona ho ba le kabelo e bonahalang dimiliyoneng tsa batho ba Afrika Borwa ba futsanehileng bao ba hlokang ditshebeletso tsa rona ka mahlo a mafubedu.
Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba
LETSATSI:
DIKANANELO
Tshebetso ya ho ntshetsa pele Leano la Tshehetso ya Ditjhelete e simolotse ka selemo sa 1996, empa ya behwa molatsa ka selemo sa 2000. Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba le ile la theha Komiti ya Letona ho fuputsa dingongoreho tse teng ka leano le ho etsa dikgothaletso Lekgotleng la Matona la Ntshetsopele ya Setjhaba (MINMEC). Lekgotla la Matona la Ntshetsopele ya Setjhaba (MINMEC) le ile la etsa qeto a hore Leano la ho fana ka Ditjhelete le ke le boele le lekolwe hape. Moifo wa tshebetso o ile wa lekola Leano la ho fana ka thuso ya Ditjhelete mme qetellong la bopa Leano la ho Thusa ka Ditjhelete le ileng la ananelwa ka 2004 ka morao ho ba le tekwe ka pele ho Dihlooho tsa Ditshebeletso tsa Thekolohelo ya Setjhaba (HSWS), Komiti ya Phethahatso (EXCO) le Lekgotla la Matona la Ntshetsopele ya Setjhaba (MINMEC).
Lefapha le boetse le lakatsa ho ananela batho le diinstitjhushene ba ileng ba kenya letsoho ntshetsopeleng ya leano lena, mafapha boemong ba provense, mekgatlo ya setjhaba, le setjhaba ka lebaka la maikutlo a bona le nyehelo tsa bona. Selekane sa lefapha le mekgatlo ya setjhaba se dula e le karolo ya bohlokwa mekutung ya ho tshehetsa tshebetso e matla le phethahatso ya thomo ya rona.
Ho fumana khopi tsa tokomane ena, o kopuwa hore o ikopanye le:
DIKAHARE
Ketapele???????????????????????????..
Dikananelo???????????????????????
KGUTSUFATSO YA PHETHISO ?????????????????
BONAMO LE SEPHEO ?????????????????????
METHEO??..????????????????????????.
TLHOPHOLLO YA BOEMO????????????????????
LEANO LE MOLAO WA MORALO WA TSHEBETSO.????..???..
DIPEHELO TSA TSHEBELETSO??????????????????..
DIPHETOHO??????????????????????..
BAABI BA DITSHEBELETSO??????????????????.
TSHEHETSO YA DITJHELETE??.?????????????..
DITUMELLANO .?.??.???????????????????.??.
PHOKOTSO, PHANYEHO LE KGAOTSO YA TSHEHETSO YA DITJHELETE?.
DIQABANG..???????????????????????..
KGOKAHANO LE DITHERISANO???.??????????.??..
LEANO LA LEFAPHA LA NTSHETSOPELE YA SETJHABA LE MABAPI LE DITHUSO TSA DITJHELETE TSA BAABI BA DITSHEBELETSO
Mmuso kajeno o ntse o tjamelane le diphepetso tsa ho sebeletsa batho ba futsanehileng ka ho fetisisa le ba hlokang thuso haholo setjhabeng. Ka nako e fetileng ditshebeletso tsa thekolohelo ya setjhaba e ne e le boikarabelo bo kopanetsweng ke mmuso le mekgatlo e thehilweng ke setjhaba, moo mmuso o neng o fana ka tshehetso ya ditjhelete mekgatlong ka mokgwa wa thuso ya tlatsetso. Maemo a nnete a hona jwale a naha a hloka hore mmuso o boele o lekole mokgwa oo o sebedisang mehlodi ya ona ka teng ho netefatsa hore thuso ena e anela ka tekano batho ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing nakong e fetileng.
Nakong e fetileng ho lekilwe ho ntshetsa pele leano la dithuso tsa ditjhelete tse fuwang Mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO). Le ha ho le jwalo, leano lena ha le a ka la kgotsofatsa ditlhoko tsa mmuso le lehlakore la Mekgatlo ena e sa etseng phaello (NPO). Jwale ho na le tlhokeho e potlakileng ya hore ho ntshetswe pele leano lena le tla netefatsa hore Mmuso o kgona ho phethahatsa tshepisong ya ona ya bophelo bo ntlafetseng ba batho bohle.
Leano le mabapi le dithuso tsa ditjhelete le reretswe ho tataisa naha tabeng ya ho fana ka thuso ya ditjhelete ho baabi ba ditshebeletso lehlakoreng lena la ntshetsopele ya setjhaba, ho tlisa phetoho le ho lokisa motjha wa ditshebeletso le mehlodi, e le ho netefatsa hore ditshebeletso tsa batho ba kojwana di mahetleng le ba hlokang thuso setjhabeng di sebetsa hantle le ka bokgabane.
Leano lena le tsitlallela ho tlisa katleho ya boikemisetso ba Lefapha, ka ho ?etsa hore batho ba futsanehileng, ba kojwana di mahetleng le ba neng ba ntse ba behilwe ka mosing setjhabeng sa Afrika Borwa ba kgone ho iphumanela bophelo bo ntlafetseng, ka ho etsa selekane le bona ekasitana le ho boela ba etsa selekane le bao ba itlammeng ho theha setjhaba se tsotellang?.
Leano le moralo wa tshebetso wa molao naheng ena le thehile boemo bo dumellang Lefapha ho finyella maikemisetso a lona, haholo mabapi le kabo e anetseng ya mehlodi. Ho ananelwa le seabo sa bohlokwa seo esale e le sa lehlakore la Mokgatlo o sa etseng phaello (NPO) ntlheng ya ho fana ka tshebeletso. Mekgatlo e meng e sa etseng phaello (di-NPO) e tlisitse le diphetoho tse kgolo tse nyallanang le boemo ba nnete ba naha nakong ya hona jwale. Le ha ho le jwalo, mmuso o na le phepetso e kgolo ya diphetoho tse lokelang ho ba teng.
Leano ka tsela e jwalo le reretswe ho tlisa katleho ya dintlha tse beheletsweng ka sehloohong tsa Lefapha ka mokgwa wa tshebeletso e etsetswang bafumanehi le dihlopha tse kojwana di mahetleng le bao ba nang le ditlhloko tse ikgethang ba kang bana, batjha, maqheku, batho ba qhwadileng, basadi, diphofu tsa dikgoka le tlhekefetso, batho ba ileng ba futswa ke tshebediso e mpe ya dithethefatsi, le ba nang le tshwaetso ya HIV le AIDS ha mmoho le ba anngweng ke tsona.
Lefapha hore le tle le fihlelle sena le ho phethahatsa taelo ya lona ho latela molao wa motheo, le hloka ho tsepamisa hore le ikemiseditse ho finyella sepheo sefe, le hore sepheo sena se tla fihlellwa jwang ekasitana le ho lekanya boiphihlelo ba lenaneo lena le sepheo se behilweng. Leano le totobatsa diphepetso le mekolokotwane ya diphetoho, eleng yona e tla susumetsa hore ditshebeletso di etswa ka mokgwa o jwang, hokae le hore di etswa ke mang ya tla tshehetswa ke mmuso. Le hlalosa boikgethelo ba ditjhelete, mefuta ya ditjhelete, ditlhoko tsa ho tsepamisa tshwaneleho, le mekgwa ya tefo ha mmoho le ditlhoko tsa thuso ya ditjhelete.
Jwalo ka ha ho etsahala hohle lefatsheng, ba fanang ka dinyehelo ba tswang setjhabeng le batho ba praevete ba tseka hore ho be le boikarabelo mananeong ana ao ba a tshehetsang ka ditjhelete, le mehato ya tshebetso e ntle e a hlokeha. Lefapha ka lebaka lena le tla tlabola dilekane tsa tumellano le baabi ba ditshebeletso ho netefatsa hore le fumana sephetho se lebeletsweng ka ditshebeletso tsena, le hore ho na le kgotsofalo ya mosebeletsuwa le hore ho na le boleng ba tjhelete. Ditumellano tsena di boetse di hlalosa botjha sebopeho sa dikamano tse teng dipakeng tsa mmuso le baabi ba ditsheletso. Leano le sebopehong sa ntshetsopele mme motheo wa tumellano ke tshebedisano ho feta ho tlisa kgohlano, e le hore ho tle ho etswe dikamano tsa nako e telele tse tla ntlafatswa ka kaho ya institjhushene le tshehetso, haholo ho baabi bao eleng hona ba thuthuhang ba tswang tjhabeng tse neng di behilwe ka mosing nakong e fetileng.
SELELEKELA
Nako e ileng ya hlahlama selemo sa 1994 e tlisitse diphetoho tse kgolo mona Afrika Borwa. Diphetoho tsena di ile tsa ba le tshusumetso dikarolong tsohle tsa bophelo ba batho ba naheng ena, ha mmoho le institjhusheneng tsa teng. Diphetoho tse bonahetseng ho feta ebile tse neng di reretswe ho ntlafafatsa ditshebeletso le ho etsa hore di kgone ho fihlilleha le ho arabela ditlhoko tsa palo e kgolo ya setjhaba.
Tshebetso ena ya ho tlisa diphetoho e sa ntsane e tswela pele mme e fupere diqholotso tse ngata bathong bohle ba amehang, haholo ba fanang ka ditshebeletso. Mmuso o fuwe taelo ya ho etsa bonnete ba hore setjhaba se sebeletswa ka mokgwa o hlwahlwa ka ho fetisisa, ho ntse ho habilwe hore ho fediswe bofuma mme bohle ba etswe hore ba phele hantle ho feta.
Pampiri e Tshweu (Tokomane ya Ditherisano) ya Thekolohelo ya Setjhaba ya e tlama Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ho fetola ditshebeletso tsa setjhaba ka ho latela katamelo ya ntshetsopele e toboketsang tshebedisano dipakeng tsa ntshetsopele ya setjhaba le ya moruo. Phetoho e jwalo e lokela hore hara tse ding, e rarolle bothata ba tlhokeho ya tekano dipakeng tsa ditjhaba, boemo setjhabeng, tabeng ya hore motho ke monna kapa ke mosadi (bong) le dibakeng tse sa lekaneng.
Thekolohelo ya Setjhaba e tswelang pele e thehile maikutlo tshebedisong e phethahetseng ya bokgoni ba batho le ho kgotheletsa boikemelo ha mmoho le ho ba le kabelo ha ho etswa diqeto. Ntho ena e toboketsa le ditshebeletso tse sekametseng mohopolong wa lelapa, tse thehilweng kahara setjhaba le ho kopanngwa teng (Matjhaba a Kopaneng: 1987). Katamelo ya ntshetsopele ha e nke sebaka kapa hona ho kgetholla mokgwa ofe kapa ofe o itseng wa tshebetso, empa e toboketsa hore sephetho se tlameha ho ntshetsa pele toka phedisanong le moruong wa setjhaba.
Ditshebeletso tsa thekolohelo ya setjhaba nakong e fetileng ho la Afrika Borwa di ne di etswa ke Mmuso le mekgatlo e thehilweng ke setjhaba. Mmuso o ananela hore mekgatlo e mengata e na le mahlale a tsebo, botsebi, motheo wa matlha le mehlodi e meng, eleng dintho tse ka nyehelang kahong e etswang botjha, ntshetsopeleng le tabeng ya ho fana ka ditshebeletso. Mekgatlo e mengata e fumane tshehetso ya ditjhelete ka tsela ya thuso ya ditjhelete. Mekgatlo e meng ho ena e ile ya hatela pele haholo ka ho tjhorisa hape ditshebeletso tsa yona hore di tsamaelane le maano a mmuso le dintho tseo mmuso o di eteleditseng pele mererong ya ona. Le ha ho le jwalo, ka bomadimabe sena ha se tshekamelo e ileng ya akaretsa mme sekgahla sa diphetoho se lokela ho potlakiswa.
Ntho ena e etswa ke tlhokeho ya ho arabela mabaka a kang bofuma, tlhokeho ya mesebetsi, le sewa sa HIV le AIDS, eleng dintho tse nang le tshusumetso e matla haholo bathong. Ho feta mona, tshebeletso ya setjhaba e hloka hore e tjhoriswe e tle kgona ho toba dibakeng tse nang le tlhoko e kgolo le tse eteleditsweng pele ho feta, tse kang tsa batho ba metseng eo eseng ya diteropo le tsa batho ba ileng ba tingwa menyetla ba amehileng haholo. Mekgatlo e thehilweng kahare ho setjhaba le mekgatlo eo eleng hona e hlahelang, eo ka dinako tse ding eleng bodulong bo botle ebile e na le monyetla o motle wa ho fana ka tshebeletso bathong ba futsanehileng le ba tinngweng menyetla, haholo batho ba metseng eo eseng ya diteropo, e ntse e tehetswe ka thoko haholo ditjheleteng kapa ha e fumane ditjhelete tse lekaneng.
Mmuso dilemong tse fetileng o ile wa tsetela haholo lehlakoreng la ntshetsopele ya setjhaba, mme ntho ena e ile ya qobella hore ho tliswe diphetoho. Le ha ho le jwalo, taba ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong ha eso kgone ho kgotsofatsa tlhokeho ya diphetoho. Mekgwa ya diphetoho hore e tle e kgone ho kgotsofatsa ditlhoko tsa batho hantle, e lokela ho kgweletswa (tiiswa) haholo. Ho feta mona, baabi ba ditshebeletso ba ntseng ba tehetswe ka thoko haholo ba tlameha ho atametswa lebaleng la mmuso la thuso ya dtjhelete.
BONAMO LE SEPHEO SA LEANO
Bonamo ba leano
Leano le mabapi le dithuso tsa ditjhelete tsa baabi ba ditshebeletso lehlakoreng la ntshetsopele ya setjhaba le tobisitswe haholo netefatsong ya hore mmuso, ha mmoho le lehlakore la mekgatlo eo eseng ya mmuso, eksitana le mekgatlo e tswang lehlakoreng la praevete, moo ho lokelang, o fihlele boikemisetso ba Lefapha ba ?ho thusa bafutsana, ba kojwana di mahetleng le ba qheletsweng ka thoko setjhabeng sa Afrika Borwa ho iphumanela bophelo bo natlafetseng ho feta, ka ho sebedisana le bona ha mmoho le bohle ba ikarabela kahong ya setjhaba se tsotellang? (Moralo wa Lewa wa Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba: wa 2003/4 le 2005/6).
Leano lena le reretswe ho etsa monyetla wa ho fihlella mekolokotwane ya lewa eo Mmuso o e beheletseng ka pele ka ditshebeletso tse kopanyeleditsweng le tsa sebopeho sa ntshetsopele, le ho etsa bonnete ba tlhokomelo ya dihlopha tsa batho ba futsanehileng le ba kojwana di mahetleng, ha mmoho le bao ba nang le ditlhoko tse ikgethang, ba jwalo ka bana, batjha, maqheku, batho ba qhwadileng, basadi, diphofu tsa dikgoka le tlhekefetso, batho ba anngweng ke tshebediso e mpe ya dithethefatsi le ba nang le tshwaetso ekasitana le ba anngweng ke HIV le AIDS.
Batho ba nyehelang ditjhelete hohle lefatsheng, ba tswang setjhabeng le ba praevete ba eketsa ho batla hore ho be le boikarabelo mananeong a tshehetswang ka ditjhelete, ho kenyeletswa le mehato ya tsamaiso e ntle. Ntho ena e qobella mmuso ho hlahloba ditshenyehelo le melemo ya mesebetsi ya yona le ho hlalosetsa setjhaba ka kakaretso, haholoholo balefi ba lekgetho ba lokela ho tseba hore mmuso e sebedisa tjhelete jwang le hore mehlodi ya ditjhelete e ajwa jwang molemong wa setjhaba. Ka hoo leano le reretswe ho netefatsa hore ho na le boleng ba tjhelete le hore merero ya mmuso e ka sehloohong e a phethahatswa. Ka lebaka lena ho hlokeha boikarabelo mmusong le mekgatlong eo eseng ya mmuso e fuweng thuso ya tjhelete.
Sepheo
Leano la thuso ya tjhelete ka hoo le reretswe ho tataisa naha le ho thusa ka tjhelete ba fanang ka ditshebeletso lehlakoreng la ntshetsopele ya setjhaba, ho thusa ho tlisa diphetoho le ho tjhorisa ditshebeletso le mehlodi, ho netefatsa hore batho ba futsanehileng le ba kojwana di mahetleng setjhabeng ba sebeletswa hantle le ka tsela e babatsehang.
Leano le namme ebile le etsa monyetla wa hore mmuso wa naha le mebuso ya diprovense e kgone ho ntshetsa pele tataiso tsa mohato ho latela ditlhoko tse ikgethang le mehlodi e leng teng.
Maikemisetso
Moikemisetso ka leano lena ke ho:
Theha kamano ya thuso ya ditjhelete dipakeng tsa Mmuso le baabi ba ditshebeletso ba nehelanang ka ditshebeletso tsa ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba.
Tsepamisa ditlhoko le mekgwa ya ho fana ka dithuso tsa tjhelete tse lebang ho baabi ba ditshebeletso ba fanang ka ditshebeletso tsa ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba.
Fana ka sesebediswa se tla thusa ka ho tlisa diphetoho tshebeletsong ya thekelohelo ya setjhaba.
Theha sesiu sa bokgoni ba mekgatlo eo eleng hona e hlahellang le e neng e ntse e tehetswe ka thoko nakong e fetileng e hlokang mehlodi empa e utlwisisa ebile e ka kgona ho kgotsofatsa ditlhoko tsa setjhaba.
Theha tikoloho e dumellang baabi ba batjha ba ditshebeletso ba neng ba ntse ba tehetswe ka thoko nakong e fetileng hore ba fumane monyetla wa thuso ya ditjhelete e tswang mmusong.
Etsa motheo wa ho hasanya mehlodi ka mokgwa o tla batla o anela ho feta.
METHEO
Metheo e latelang e tsheheditse leano la thuso ya ditjhelete bakeng sa baabi ba tshebeletso ya ntshetsopele ya setjhaba:
Ho fihlelleha: Ho fihlelleha ho latela maemo a sebaka le a jeografi, nako, puo le tlhokeho.
Boikarabelo: Boinyalanyo le melao kaofela, leano le melawana ya ditjhelete.
Bokgoni: Ha ho motho ya loketseng hore a qhelelwa ka thoko ka lebaka la ho hloka bokgoni ba ho lefella tshebeletso mme moo ho nang le ditefello tse batlwang, tlhatlhobo ya bokgoni e lokela ho sebediswa.
Ho tshwaneleha: Karabelo maemong a phedisano, a moruo, a botjhaba le a kwano ha mmoho le maemo a dipolotiki.
Tshebetso e ntle le e atlehileng: Ho fihlellwa ha maikemisetso ka mokgwa o nang le kolopetso ho feta.
Matlafatso: Ho ntlafatsa bokgoni ba mekgatlo e sa ntsaneng e thuthuha hore e tswele pele e le hore e kgone ho kgotsofatsa maemo a tsepamisitsweng leanong.
Tekano: Ho qhalanya mehlodi ho latela tlhokeho, bohlokwa le leeme la nakong e fetileng.
Seabo: Kameho e sebetsang ya batsamaisi, ba sebeletswang, moifo wa basebetsi, baamehi le baemedi ba setjhaba lenaneong la tlhophiso le moralong wa leano.
Selekane: Boikarabelo bo kopanetsweng mmoho le mmuso, mekgatlo ya setjhaba le ya kgwebo molemong wa ho fana ka ditshebeletso.
Ho kenyeletsa setjhaba: Maano le mananeo a ntshetsang pele toka setjhabeng.
Ho sebeletsa pepeneneng: Ho kgona ho fumana lesedi, tsamaiso e seng sephiring ekasitana le mekgwatshebetso ya taolo.
TLHOPHOLLO YA BOEMO
Dipalo
Palo ya setjhaba sa Afrika Borwa e eketsehile ho tloha bathong ba dimilione tse 40,5 selemong sa 1996 ho fihlela ho ba dimilione tse 44,8 selemong sa 2001, eleng palo e supang kgolo ya 10%. (Dipalopalo tsa Afrika Borwa di phatlaladitse dikakanyo tsa mahareng a selemo ka 2003, tse akanyetsang palo ya setjhaba ho dimilione tse 46,3.) Palong eo kaofela ya setjhaba, dimilione tse 23 ke basadi ha dimilione tse 21 e le banna. Ho latela dipalopalo ho hlakile hore palo ya basadi diprovenseng kaofela ke yona e phahameng ho feta, ntle le Gauteng, e nang le palo e hodimo ho feta ya banna. Palo ya batho ho latela merabe e fapaneng ke Ma-Afrika a etsang 79%, Makgowa a etsang 9,6%, Makhalate a etsang 8,9% le Ma-Eshiya kapa Ma-India a etsang 2,5%. Dilemo tsa kgolo ya Ma-Afrika Borwa di bontsha hore naha e na le batho ba batjha ba bangata ho feta (ekasitana le ha ho ntse ho entswe siuwe monyetla o monyenyane wa phoso e ka bang teng jwalo ka ha ho bontshitswe tlalehong ya palo ya setjhaba: Dipalopalo ka bokgutshwanyane, 2003).
Afrika Borwa e balellwa dinaheng tse nang le palo e hodimo haholo ya batho ba nang le tshwaetso ya HIV le ba shwang ka lebaka la mafu a amanang le AIDS. Ka selemo sa 1990, 0,7% ya basadi ba ileng ba hlahlobuwa ditliniking tsa tlhokomelo ya baimana e ne e na le tshwaetso ya HIV; mme ka selemo sa 2002 ke ha palo ena e eketsehile ho fihlela ho 26,5%. Batho ba amehang haholo ke sehlopha se dilemong tsa ho kgona ho beleha eleng dipakeng tsa 15 le 49. Sehlopha sena se emetse batho ba nang le bokgoni ba ho sebetsa setjhabeng sena.
Palo ya baahi ba Afrika Borwa ba nang le HIV le AIDS e bontsha hore sekgahla sa tshwaetso se hodimo ho feta basading, mme ntho e ka etsang halofo ya batho ba nang le tshwaetso hona jwale ke basadi. Ho na le mabaka a fapafapaneng a bakang boemo bona ba ditaba. Le leng la mabaka tabeng ena ke matla a sa lekaneng a tekano dipakeng tsa banna le basadi.
Bana ba belehwang ba e na le tshwaetso ya HIV, kapa ba lahlehetsweng ke motswadi kapa batswadi ka bobedi ka lebaka la HIV le AIDS, ke ba pepesehileng ho feta le ba nang le monyetla wa ho ba le tshwaetso setjhabeng kaofela. Hangata ke bona ba nang le bothata ho feta ba ho kula, bothata ba tlhekefetso le ba ho sebedisetswa thobalano ho feta bana bao e leng dikgutsana ka mabaka a mang.
Dipatlisiso tsa Moifo wa Basebetsi (Loetse: 2001) di bontsha hore palo ya tlhokeho ya mosebetsi naheng ena ke 41,6%, ka palo e hodimo haholo ya tlhokeho ya mosebetsi hara Ma-Afrika e etsang 50,2% le ya Makhalate a etsang 27%.
Ho latela Dipalopalo tsa Afrika Borwa, ka selemo sa 1995 malapa a ka etsang 28% le palo e etsang 48% ya setjhaba ba ne ba phela ka boemo ba bofutsana bo ka tlase ho boemo bo akantsweng ba bophelo ba bofuma ? palo ena e fihletswe ka motheo wa tshebediso ya tjhelete, ka hoo ho beheletswe ka thoko ntlha ya ho fihlella ditshebeletso le maruo. Ka selemo sa 1999, malapa a etsang dimilione tse 3,7, dimilione tse 11,4 tsa malapa a jwalo di ne di phela ka tlase ho boemo bo akantsweng ba bofuma. Malapeng ana, boholo ke ba Ma-Afrika. Bofuma ke phepetso e le nngwe e kgolohadi e tjametseng Afrika Borwa matsatsing a kajeno. Bo tsamaya mmoho le maemo a feteletseng a tlhokeho ya tekano maemong a bophelo le monyetla wa ho fihlella mehlodi ka lehlakoreng le leng, le malapa le setjhaba a iphumanang a pepesehile mme a le kojwana di mahetleng ka lehlakoreng le leng.
Ho ya ka bafuputsi ba bangata tlhokeho ena ya tekano e hlaloswa ho latela bong, dilemo, le botjhaba le tulo. Ke basadi le malapa a hlokometsweng ke basadi, batjha, maqheku, Ma-Afrika le batho ba phelang metseng eo eseng ya diteropo ba iphumang ba le ditleneng tsa bofuma ka ho fetisisa. Mmuso oo eseng wa kgethollo o bontsha ngongoreho ya ona e kgolo ya kananelo ya bofuma ka ho tlisa diphetoho ditekanyetsong tsa ditjhelete ka ho phallela setjhaba ka mananeo a thuso a tlhabollo ya bofuma le mananeo a tobisitsweng basading.
Mmuso wa Afrika Borwa o ananela diphapano tse teng tsa phedisano, tsa bodumedi le tsa botjhaba malapeng ha mmoho le tshusumetso ya phetoho phedisanong ya semelo le sebopehong sa setjhaba. Mehleng ya kajeno malapa a tjamelane le diphepetso tse ntjha le tlhokeho ya boiteko ba bona ba ho kgotsofatsa ditlhoko tsa batho ba lelapa. Malapa a mangata ho la Afrika Borwa, haholo a tswang setjhabeng sa Ma-Afrika, a amehile ha bohloko mme malapa ha kgone tswela pele ho sebetsa ka tsela e tlwaelehileng ha bofutsana bo e ja setsi, le ho ba le maikutlo a sithabetseng a ho hloka matla le a pherekano.
Ho swahlamana ha setjhaba ho totobetse boemong bo phahamang ba malapa a qhalehang, dikgoka tsa ka malapeng, mathata a boemo ba kelelllo, ditlolo tsa molao, tshebediso e fosahetseng ya dithethefatsi tse seng molaong le meriana e molaong, tshebediso ya thobalano ka tsela ya ho etsa kgwebo, tlhokeho ya bodulo, le bana ba phelang le ho sebetsa mebileng.
Ho latela Tshebetso ya ho Balwa ha Batho ya 2001, ho na le batho ba qhwadileng ba 2 255 982 mona Afrika Borwa. Bothata bo boholo ba ho qhwala ke ba bofufo le kgolofalo ya mmele. Provense e nang le batho ba bangata haholo ba qhwadileng ke KwaZulu-Natal, ka palo e etsang (470 588), e latelwe ke Kapa Botjhabela ka (372 265) le Gauteng, ka batho ba 331 611 ba nang le kgolofalo tse ding tse itseng. Provense e nang le palo e tlase ya batho ba qhwadileng ke Kapa Leboya.
Boemo bona bo ka hodimo bo fana ka kakaretso e ka mmoho ya boemo ba phedisano le moruo naheng ena. Mmuso o hatetse pele haholo ka ho rarolla mathata ana, jwalo ka ha ho bontshitswe tekodisiksong ya dilemo tse leshome ya phethahatso ya mananeo a mmuso. Diphepetso le ha ho le jwalo ha di jese ditheohelang le letho feela, haholo ho latela ditshebeletso tseo Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba di fanang ka tsona hohle naheng ena. Ditshebeletso tsena di mathuleng a ho finyella batho ba futsanehileng, ba behilweng ka mosing le ba kojwana di mahetleng setjhabeng.
Diphepetso le merero e eteleditsweng pele ke ntho tse lokelang ho rarollwa ka mokgwa o bontshang tshebediso e ntle ya tjhelete, mme leano lena le etsa monyetla wa disebediswa tse etsang hore Lefapha le fapose ditshebeletso le kabo ya mehlodi ho netefatsa hore maikemisetso ana a tla kgona ho ka fihlellwa.
Katoloso ya tshusumetso ya tshireletso ya setjhaba diprovenseng tse ding tse itseng ? e seng e jele ho feta 90% ya ditekanyetso tsa ditjhelete tsa Lefapha, ha ho phethahatswa mosebetsi wa bohlokwa haholo wa polokeho, e batla e katlile haholo tjhelete e abetsweng ho phetha mosebetsi wa ditshebeletso tsa setjhaba.
Swilling and Russell ho latela dipatlisiso tse batsi tsa Mekgatlo eo eseng ya mmuso ya Afrika Borwa, ba re mekgatlo eo eseng ya mmuso ke karolo ya bohlokwa moruong wa Afrika Borwa, ka tjhelete e sebediswang e neng e etsa R9,3 billion ka selemo sa 1998, eleng palo e etsang 1,2% ya Tekanyo ya kgolo ya moruo wa naha (GDP). Palo kaofela ya basebetsi mekgatlong eo eseng ya mmuso ka selemo sa 1999 e ne e feta palo ya basebetsi (ho kenyeleditswe basebetsi ba nakwana le basebetsi ba baithaopi) ba sebeletsang khampani e kgolo naheng ena. Selemong sona seo, baithaopi ba etsang 1,5 million, ba ile ba nyehela nako ya bona le matla a bona ho sebetsa Mekgatlong e sa etseng phaello (di-NPO) ya Afrika Borwa. Ha ho sebediswa diphesente ho bapisa hona le seabo sa baithaopo ba moifo wa tshebetso e sa etseng phaello dinaheng tse 28, eleng palo e etsang palohare ya 35%, ho fumaneha hore Afrika Borwa e eme ho 47%.
Ha sena se tadingwa ho latela lehlakore la kgwebo, ho bonahala hore karolo ya ditshebeletso tsa setjhaba e na le palo ya phesente e hodimo haholo ya Mekgatlo e sa etseng phaello (Di-NPO), e etsang 22 755 (23%) ho palo kaofela ya Mekgatlo e sa etseng phaello (DI-NPO) e 98 920 mahlakoreng a 11 a fapaneng. Lenane le latelang le bontsha dibaka tsa tshebetso ya Mekgatlo ena e sa etseng phaello (Di-NPO) lehlakoreng la ditshebeletso tsa setjhaba:
DIBAKA TSE KGOLO TSA TSHEBETSO
PALO YA MEKGATLO (di-NPO)
Ditshebeletso tsa Setjhaba
Thekolohelo ya Bana, tshebeletso tsa bana
Tshebeletso tsa batjha, thekolohelo ya batjha
Tshebeletso tsa Malapa
Tshebeletso tsa ?ba qhwadileng?
Tshebeletso tsa maqheku
Tshebeletso tsa Boithuso le tse ding
Thibelo le taolo ya koduwa kapa maemo a tshohanyetso
Mehlongwa-fatshe ya tshireletso ya nakwana
Tshehetso ya tjhelete ya boiphediso le ya tlhokomelo
Tshehetso ya tjhelete ya boiphediso le ya tlhokomelo
Theepa ya thuso
Lesedi le fumanehang lenaneng lena le qotsitswe ka ho otloloha mohloding wa lona.
Le ha dintlha tse ka hodimo di sa bontshe hantle dibaka tsa ho kopanngwa ha tshebeletso, di bontsha dibaka tse fumanang ditshebeletso tsa bohlokwa tseo eleng tsona tse eteleditsweng ka pele mmusong. Ho latela letlole la ditjhelete, ho akanngwa hore lehlakore la Mekgatlo e sa etseng phaello (NPO) ka selemo sa 1998 le ne le na le R18 billion, mme karolo e etsang 42% (R5,8 billion) ho yona e ne e le nyehelo e tswang mmusong. Tjheleteng eo mmuso o nyehetseng ka yona, e etsang R2,1 billion e thesemeditswe ditshebeletsong tsa setjhaba, R1,7 billion ya tsetelwa ho tsa bophelo bo botle mme R1,1 billion ya thusa ntshetsopeleng ya bodulo.
Swilling and Russell (2001:35) ba re ?mahlakore a ileng a amohela tjhelete e ngata ya thuso e tswang mmusong a ne a bonahala e ntshetseditswe pele hantle, Mekgatlo e sa etseng phaello (Di-NPO) e neng e sebetsa ho feta ke e thehilweng dibakeng tsa diteropo tsa boemo ba batho ba sebetsang le ba boemong bo bohareng ho feta, 47% ya ditshebeletso tsa setjhaba tsa Mekgatlo e sa etseng phaello (Di-NPO) le 42% ya tshebeletso tsa bophelo bo botle tsa Mekgatlo e sa etseng phaello (Di-NPO) di ne di fumaneha ka bongata mekgahlelong ya phedisano le moruo wa batho ba boemo ba tjhelete e bohareng. Sena se hanyetsana le tlwaelo le boithapollo, le mahlakore a ntshetsopele le a matlo, moo halofo ya Mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO) mahlakoreng ana ka bobedi e fumanehang ka bongata mekgeng e futsanehileng ho feta ya moruo le phedisano?. Ba ile ba fihlela qeto ya hore ditshebeletso tsa setjhaba le mahlakore a bophelo bo botle a Mekgatlo e sa etseng phaello (NPO) ?di sebeletsa lehlakore la makgowa la setjhaba, mme ho na le monyetla wa hore le hona jwale di ntse di etsa jwalo. Hona ha ho bolele hore Mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO) ka ditshebeletso tsa bophelo bo botle le ditshebeletso tsa setjhaba ha e kgotsofatse ditlhoko tsa batho ba futsanehileng, empa ho bolela hore tshekamelo e teng e nang le monyetla wa ho hlahisa ngongoreho ya hore ke bomang ba unang molemo tshehetsong ena ya thuso ya tjhelete e tswang mmusong bakeng sa tshehetso ya ditshebeletso tsa setjhaba le mahlakore a bophelo bo botle ba setjhaba? (ibid: 36).
Dipatlisisong tse boletsweng ka hodimo, ho ile ha fumaneha hore tjhelete ya boikgwantlello e entse 34% ya tjhelete ya Mekgatlo e sa etseng phaello (NPO) kaofela. Tjhelete ena e fumanehile ditefellong tsa tshebeletso, merokotsong le mehloding e meng ya boikgatlello ba ho kenya tjhelete. Mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO) ya ditshebeletso tsa setjhaba e fumanehile e le yona e bokeletsang tjhelete ho feta ya ditshebeletso, ka morao hoba e bokelle R1,2 billion ka 1998. Tjhelete ena e emetse 32,4% ya ditjhelete kaofela lehlakoreng lena, ka dithuso tsa ditjhelete tsa mmuso tse fihlang hoo 56,5% le tse tswang lehlakoreng la praevete tse etsang 11,1%. Lenane le latelang le bontsha kgutsufatso ya ditjhelete ya lehlakore la nmekgatlo e sa etseng phaello:
Tjhelete e
Kenang
Ditefello, thekiso le merokotso
Tjhelete e kenang ya matsete
Tjhelete ya baabi ba lehlakoreng la praevete
Dithuso tsa Mmuso le dikontraka
Tjhelete e keneng
Tjhelete e sebedisitsweng
Meputso e fapaneng
Tse ding
Lenane le ka hodimo le fana ka setshwantsho se hlakileng le se sekgutshwanyane sa lehlakore la Mekgatlo e sa etseng phaello (NPO) ho la Afrika Borwa. Le ha dipatlisiso tsena di entswe ka 1999, di sa ntsane di tshwanela ditaba tsena mme di tiisitse le ditemoho tse ngata tsa tshebetso tse entsweng ke mmuso. Tlhophollo ena e tiisa le seabo sa bohlokwa sa baithaopi lehlakoreng la tshebeletso ya setjhaba, ha mmoho le bokgoni ba mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO) e seng e tsepamisitswe hantle, ba ho etsa letlole leo eleng la bona la pokeletso ya ditjhelete ka ditefello le mehlodi e meng ya ho bokeletsa tjhelete. Ka morao ho tsena tsohle, ke ntlha ya bohlokwa ho lemoha hore mekgatlo e metjha eo eleng hona e thuthuhang e kgonang ho kgotsofatsa ditlhoko tsa setjhaba sa moo e leng teng, esale e tehetswe kantle tabeng ya kabo ya mohlodi wa ditjhelete.
Ntlha e ka hodimo e boetse e bolela dintho tse ngata mabapi le dikamano tsa mmuso le Mekgatlo e sa etseng phaello (di-NPO). Sena se boetse se beha boikarabelo mahetleng a mmuso hore o boele o fapose le ho fana ka mehlodi e metjha ho netefatsa hore ho na le tekano, tharollo le ntlafatso kahare ho lehlakore la Mekgatlo e sa etseng phaello (NPO), e le hore bokgoni ba motheo bo tle kgone ho entswa dibakeng tse nang le mehlodi e haellang. Mmuso o boetse o lokela ho tadima le dibakeng tse ding ho tiisa hore ditshebeletso di nyalana le boikemisetso le dintlha tse eteleditsweng pele. Baabi ba ditshebeletso ka lehlakoreng le leng, ba lokela ho etsa mananeo a tla tshwarella ho ya ho ile a kgonang ho kgotsofatsa ditlhoko tsa bongata ba dihlopha tsa batho ba futsanehileng le ba kojwana di mahetleng.
Kabo ya Lefapha ya mehlodi e sekame haholo ka lebaka la ntlafatso ya letloha la polokeho, leo eleng la bohlokwa phedisong ya bofuma ebile e le bonwang e le mokgwa o moholohadi wa ho fetisetsa tjhelete ya boiphediso ho bafutsana naheng ena. Le ha ketso ena e le e nepahetseng molemong wa ho theha letloha la polokeho, sena se e ntse hore Lefapha le sebedise palohare ya 90% ya ditekanyetso tsa lona tsa dithuso tsa setjhaba, mme ha sala feela 10% ditekanyetsong tsena molemong wa ho fana ka lethathama le batsi la ditshebeletso, ho sa natswe hore ke ditshebeletso tse etswang ke Mekgatlo eo eseng ya mmuso (di-NGO) kapa ke mmuso.
Moralo wa lewa wa Lefapha o hlahisa ntlha ya bohlokwa hore thuso bofumeng le ntshetsopeleng ya setjhaba, ditshebeletsong tsa tshireletso ya bana, tshebeletsong tsa setjhaba bathong ba seng ba hodile, bathong ba qhwadileng, le tshebeletsong tsa tshehetso ya diphofu tsa dikgoka tsa malapeng e na le ditekanyetso tse shaitsang haholo. Le ha dithuso tse nang le dipehelo di kgona ho tlisa tharollo ya bothata bona, diprovense ha di a kgona ho di bopella kahare ho ditekanyetso tsa tsona ho tiisa hore ho tla dula ho na le tshehetso ya ka nako e telele.
Bokgoni bo fokolang mahlakoreng ana ka bobedi ho latela dipalo, mahlale le ditjhelete bo ile ba hloka hore ho suthwe ka mokgwa o itseng leanong ka sepheo sa ho netefatsa hore ditshebeletso di tobiswa ho batho ba hlokang ho feta. Ho tsamaya ha basebetsi ba thekolohelo ka bongata bo boholo ba ileng ba lesa mosebetsi wa mmuso le wa lehlakore la mekgatlo eo eseng ya mmuso ho leba moo ho nang le menyetla e ntlafetseng teng dibakeng tse ding le tshusumetso ya tshebedisano ya lefatshe ka kakaretso, ke dintho tse ileng tsa totisa bothata bona ba bokgoni le ho feta. Ntho ena e utlwahala ka dinako tse ding ha ho fanwa ka ditshebeletso le ka tshusumetso ya ditshebeletso e teng bathong ba sebeletswang. Ha se mmuso feela o utlwang bothata ba kgaello ena empa le mekgatlo eo eseng ya mmuso e sebeletsang setjhaba le yona e utlwa boima bona. Ho ile ha ba le bofokodi, haholo boemong ba diprovense, ba ho haellwa ke ho eketsa dithuso tsa lehlakore la mekgatlo eo eseng ya mmuso, haholo lehlakore le letjha le kang mekgatlo ya bodumedi, baithaopi, le mekgatlo e thehilweng setjhabeng e ikemiseditseng ho sebeletsa batho ba haellwang ke mehlodi, bao esale ba tinngwe menyetla nakong e fetileng le ba futsanehileng.
Ka hoo, le ha leano lena le leka ho tlosa mehlodi le ditshebeletso maemong a moo di leng ngata teng, leano lena le boetse le amohela hore tshebeletso tsa ntshetso pele ya thekolohelo ya setjhaba ka nako e fetileng esale di fuwa tjhelete e haellang mme ho fihlela tekano ekasitana le ho rarolla diphepetso tsa hona jwale, ho tla hlokeha hore ho fumanwe mehlodi e meng ya ditjhelete.
Lefapha ho latela leano lena le tla leka ho ntshetsa pele mekgwa le mehato e loketseng hore le kgone ho arabela ditlhoko tsa diphetoho jwalo ka ha di lokodisitswe tokomaneng ya leano.
LEANO LE MOLAO WA MORALO WA TSHEBETSO
Moralo wa tshebetso o amang leano ka ho otloloha
Sepheo sa karolo ena ke ho hlakisa dintlha tse nkeletsweng hloohong ka leano lena tse etsang hore ho phethahatswe ditemana tse tshwanelehileng tsa dikarolo tse fapafapaneng tsa molao wa naha o batlang ho rotetsa tshusumetso ya taelo ya mmuso ya molao wa motheo le boitlamo ba matjhaba. Dikarolo tsa molao wa naha tseo ho buuwang ka tsona mona di amana kapa di etsa monyetla wa ho fana ka thuso ya ditjhelete ho baabi ba ditshebeletso molemong wa ditshebeletso tsa ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba.
Maano a loketseng le molao a kenyeletsa, empa ha felle feela ho tse latelang:
Molao wa Thuso ya Setjhaba wa 59 wa 1992
Molao o Fetotsweng wa Thekolohelo, wa 106 wa 1996
Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba wa 1 wa 1999
Pampiri e Tshweu ya Thekolohelo ya Setjhaba
Leano la Ditjhelete tsa Thekolohelo la 1999
Melawana e laolang leano la phethahatso
Phethahatsong ya leano, ditemana tse latelang tsa molao di tla nkellwa hloohong:
Molao wa Ntshetsopele ya Toka Tsamaisong (wa nomoro ya 3 wa 2000)
Molao wa Ntshetsopele ya Phihlello ya Lesedi (wa nomoro ya 2 wa 2000)
Melao kaofela le ditemana tsa leano le laolang ditshebeletso tsa ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba naheng ena. Mona ho kenyeletswa, empa ha ho fellwe ho, tse latelang:
Molao wa Mekgatlo e sa etseng Phaello wa 1997 (Molao wa 7 wa 1997)
Molao wa Tlhokomelo ya Bana wa 1983 (Molao wa 74 wa 1983)
Molao wa Ditshebeletso tsa Teko wa 1991 (Molao wa 116 wa 1991)
Pampiri e Tshweu ya Thekolohelo ya Setjhaba
Moralo wa Dintlha tse Leshome wa Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba
DIPEHELO TSA TSHEBELETSO
Ka ho kgema mmoho le leano le molao wa moralo wa tshebetso o hlahisitsweng ka hodimo, Lefapha le na le boikarabelo bo boholo le thomo ya ho fana ka ditshebeletso tsa babatsehang ka moo ho ka kgonehang ka teng setjhabeng, haholo lehlakore la batho ba kojwana di mahetleng le ba futsanehileng. Ka hoo, ka matla a thomo ya molao wa motheo mmuso o tlameha ho:
Ntshetsa pele ponelopele e hlakileng, sepheo le maikemise tse totobaditsweng hantle;
Hlalosa ka moo o rerileng ho fihlela sepheo sa ona ka teng;
Bontsha ka moo o tla lekanya katleho ya lenaneo la ho fihlela sepheo sa ona.
Tsena tse ka hodimo di tla ba le matla a tshebetso tshebeletsong ya setjhaba ha mmoho le makaleng a tla sebedisetswa ho fana ka ditshebeletso le a tla abelwa ditjhelete. Dipehelo di tla tsepamisa taba ya ho fana ka ditshebeletso boemong ba naha kapa ba provense mme di tla itshetleha hara tse ding, diphuputsong, dipalopalong, dikopanong tsa setjhaba tse tshwanang le dipitsong tse phatlaladitsweng ke mopresidente le kapa letona, le Meralong e Kopantsweng ya Ntshetsopele.
Ka hoo qaqiso ya tshebeletso e tla tsepamisa hore hona ho tshwanetse hore ho etswe hokae, le hore tjhelete e lokela ho abuwa ka lebaka lefe. Tsena di tla netefatsa hore mawa a mekgatlo ya boemedi le mananeo a etswa hore a phehelle ho ikamahanya le leano le batsi la Lefapha. Lefapha le utlwisisa tlhokeho ya lehlakore lena le ho hlokomela boikemelo ba lona, le ha ho le jwalo, mabaka a phetoho a qobella Lefapha ho arabela ka nepo ho diphetoho tse teng ditshekamelong tsa dipalopalo, le ditekanyetsong tsa ditjhelete le tsa dipolotiki.
DIPHETOHO
Afrika Borwa e sa le e ntse e fetoha ka sekgahla se kekeng sa lekanngwa. Tshebetso ena ya phetoho e tswela pele mme ke yona eo mmuso o tla itshetleha ho yona tabeng ya hore o tla sebedisa mehlodi jwang ho fihlela e anela bohle le ho rarolla tlhokeho ya tekano ya nakong e fetileng e ntseng e hlahela le mehleng ena lehlakoreng la ntshetsopele ya setjhaba. Ka morao ho leano la qetelo le mabapi le ho fetolwa ha thekolohelo ya setjhaba, mekgatlo e mengata e sa etseng phaello e ile ya leka ho fetoha ho latela tataiso tseo ho neng ho fanwe ka tsona. Le ha ho le jwalo, ho sa na le diphetoho tse ngata tse tjametseng taba ya ho fana ka ditshebeletso. Tse ding tsa diphepetso di kenyeletsa:
Ho finyelleha ha ditshebeletso.
Ho ajwa ka tekano ha ditshebeletso le mehlodi bathong ba metseng eo eseng ya diteropo le metseng ya diteropo.
Ho etsa hore menyetla e hloke kgethollo ya botjhaba, haholoholo mahae a maqheku.
Ntshetsopele ya tshebeletso tse itshetlehileng setjhabeng ho feta.
Makgotla a Taolo le dibopeho tse bontshang boemedi ba dipalopalo tsa batho tsa lebatowa le provense e sebeletswang.
Netefatso ya tlhokomelo ya motjha o tjhele ya mekgatlo e sa etseng phaello eo eleng hona e thuthuhang le e behilweng ka mosing.
Ho bopa bokgoni ba taolo le ba ditjhelete bakeng sa mekgatlo eo eleng hona e thuthuhang.
Ho netefatsa hore ho thusanwa ka mahlale a tswang mekgatlong e seng e tsepame hantle ho leba ho mekgatlo eo eleng hona e ntseng e thuthuha.
Ntshetsopele ya tsela e kgonehang ya tefiso ya ditefello.
Ntlafatso ya motheo wa tshebetso ya mantlha le motheo wa mehlodi mekgatlong e sa etseng phaello eo esale e behilwe ka mosing le ya ditjhaba.
Ho katla tshebetso ya ho kgaokgaohanya ditshebeletso tsa setjhaba.
Ho sutha tseleng ya tshebeletso ya tlhodisano le ya boinotshi ho kena katamelong ya tshebedisano le ya ho ipopa ngatana e thusang hore ho fanwe ka mahlale le ho kopanela tshebeletso.
Ho etsa monyetla wa tshebeletso e kopanetsweng e tla arabela ka nepo ditlhokong tsa setjhaba, le ho ananela matla a bona le bokgoni ba matlafatso, mme ka ho etsa jwalo ho phahamiswe tshebediso ya mehlodi e teng setjhabeng.
Diphepetso tsena ha se tsa bohlokwa feela mmusong empa di lokela ho emela sepheo sa boipopo ba bohle ba fanang ka ditshebeletso ho etsa bonnete ba hore ho fana ka ditshebeletso tsa ntshetsopele ya setjhaba ka mokgwa o nang le toka le o hlokang leeme, ho bao ba hlokang thuso ya ditshebeletso ho feta.
Ho etsa bonnete ba hore tekano e ba teng, ho fetola dintho ka mokgwa o latelang ho bontshitswe e le ntlha ya bohlokwa tshebetsong ya ho tlisa diphetoho:
Ho sutha tabeng ya ho tshehetsa mekgatlo ho latela motheo wa hore ke yona e nang le tokelo ho feta, wa botjhaba, wa bong le wa tulo ya sebaka , le fetohela ditshebeletsong tse ntshetsang pele tekano, phapano le ho kopanya setjhaba.
Ho sutha ho fepela dibaka tse nang le mehlodi e mengata ho feta le ho isa thuso ena dibakeng tse eteleditsweng ka pelepele moo tlhokeho ya thuso e leng kgolo haholo.
Ho sutha thusong ya ditjhelete e thehilweng ho nyehelo ho leba ho tshehetso ya ditjhelete e thehilweng sephethong.
Ho sutha ntlheng ya ho hloka boikarabelo ho leba mokgweng wa boikarabelo mabapi le ditjhelete tsa setjhaba.
Ntho ena e tla hloka hore mmuso o itahlele ka setotswana ka mokgwa wa tshehetso ya ditjhelete le mehato e meng ho netefatsa hore ho sutha hona ho etswa le ho haha motheo wa mantlha wa tlhekelo ya mosebetsi le bokgoni ba kahare ho mekgatlo e tinngweng menyetla le ditjhabeng tse jwalo, haholo dibakeng tsa metseng eo eseng ya diteropo.
Mokgatlo le ditshebeletso tsa ona o nkuwa o ile wa tlisa diphetoho kapa o le tseleng ya ho tlisa diphetoho tse jwalo ha metheo le ho sutha ha yona ho bonahala dikarolong kaofela tsa tshebetso ya ona le ha:
Maano a ona a kahare le mehato ho kenyelediswe le molao wa motheo a kgema le metheo ya Molao wa Motheo wa Riphaboliki ya Afrika Borwa, ha mmoho le maano a mang a naha le a diprovense ekasitana le dintlha tse eteleditsweng ka pelepele;
Ha ho na le bopaki bo bonahalang ba hore mokgatlo o fetotse ditshebeletso tsa ona ho kenyeletsa batho ba neng ba tinngwe menyetla nakong e fetileng le hore o beheletse ka sehloohong ba kojwana di mahetleng le bafutsana ba futsanehileng ho feta;
Ha ho na le bopaki bo bonahalang ba hore sebopeho kapa tjhebahalo ya menyetla ya ona e bontsha dipalopalo tsa tulo ya sebaka le setjhaba se sebeletswang;
Ha ho na le moralo o kgothaletsang taba ya ho fihlella ditshebeletso le menyetla mme ntho ena e hlakiswa le ho bolellwa setjhaba kgafetsa ka mokgwa o pepeneneng;
Ha sebopeho sa monyetla mona kapa Lekgotla la Taolo la Mokgatlo ha mmoho le dibopeho tsa taolo ya mesebetsi ya letsatsi le letsatsi ha mmoho le moifo wa tshebetso, di supa sebopeho sa ba folang molemo le setjhaba se sebeletswang;
Ha ho na le bopaki bo bonahalang ba batho ba unang molemo, baamehi le kameho ya setjhaba moralong wa maano le mananeong a mokgatlo a ho fana ka tshebeletso;
Ha ho na le bopaki bo bonahalang ba kameho e nang le moelelo wa moabi wa tshebeletso le dibopeho tsa setjhaba ha mmoho le marangrang a sona;
Ha ho na le bopaki bo bonahalang ba hore mekgatlo e seng e tsepame hantle ho feta e arolelana mehlodi, tsebo, boitsebelo le tshehetso ya thekniki le mekgatlo e menyenyane e thehilweng setjhabeng, e le hore mekgatlo ena ka bobedi e kgone ho fola molemo ho latela nepahalo e matla le tshebetso e hlwahlwa ho feta;
Ha baabi ba fetang bonngwe ba etsa mosebetsi o tshwanang wa tshebeletso sebakeng sa tulo e tshwanang, ho tla tsepamiswa maikutlo moralong wa ditshebeletso tse kopanetsweng ho kgothaletsa tshebediso e ntle ya tjhelete le boleng bo eketsehileng;
ha ho na le bopaki bo bonahalang ba hore boleng bo tshwanang le boemo bo tshwanang ba tshebeletso bo fuwa bohle, ho sa natswe botjhaba, bong le bokgoni ba ho lefa;
ha mokgatlo o etsa boiteko ba ho sebetsa ha mmoho ho phethahatsa mananeo a reretsweng tharollo ya ka pele le thibelo mme o sebedisa lethathama la baabi ba bang ba ditshebeletso tsa setjhaba;
ha ho na le bopaki bo bonahalang ba hore ditshebeletso jwalo ka dintlha tse eteleditsweng pelepele, di rerile ho boloka ba folang molemo ba le ka malapeng a bona ha mmoho le baahi. Moo tlhokomelo e nngwe e bonwang ho latela tlhatlhobo ya profeshenale e le boikgethelo bo molemo ho feta, e tla lokela hore ka moo ho ka kgoneng ka teng e etswe hore e ikemisetse ho ntshetsa pele le ho boloka maqhama a lelapa le a setjhaba a phela. Ha e le lehlakoreng la ba teng, tshebeletso e lokela ho ikemisetsa ho boloka lelapa le ho le kopanya hape;
ha ho na le bopaki bo bonahalang ba thupelo e tswelang pele ya moifo wa basebetsi le wa batsamaisi ho netefatsa hore ba dula ba na le tsebo ya tswelopele tse ntjha ntlheng ya ho fana ka tshebeletso, e eketsang bokgoni ba bona ba ho sebetsana le ditlhoko ha mmoho le diphepetso;
ha ho na le bopaki bo bonahalang ba mokgwa o motle wa taolo ya kahare, tlhokomelo ya bodisa bo matla le ditekodisiso tsa tshebetso ya mokgatlo;
ha ho na le bopaki bo bonahalang ba boiteko bo kopanetsweng ba ho etsa hore mokgatlo o seke wa itshetleha haholo tjheleteng tsa thuso tse tswang mmusong mme o kgona le ho ikemela ho feta ditabeng tsa ditjhelete.
BAABI BA TSHEBELETSO
Hore baabi ba ditshebeletso ho bolelwa batho ba bangata ba molao ba sebopehong sa mekgatlo le meifo e fanang ka ditshebeletso tsa thekolohelo ya setjhaba. Hore ho tle ho hlake setshwantsho se batsi sa baabi ba ditshebeletso kaofela ho ka ba molemo ho ba hlophisa ka mekgahlelo e meraro, eleng:
Makala a thehilweng ka setjhaba
Mekgatlo ena ke e ikemetseng boemong ba naha, ba provense le ba selehae, mme e kenyeletsa mekgatlo e thehilweng ke setjhaba. Mekgatlo ena e ka thehwa mme ya sebetsa jwalo ka mekgatlo ya baithaopo, diterasete, dikhampani tsa karolo ya 21, mekgatlo e nang le setswalle kapa metheo. Letshwao le tlwaelehileng la mekgatlo ena ke hore ha se mekgatlo e habileng ho etsa phaello.
Mekgatlo ya Phaello
Mekgatlo ena e etsa mesebetsi e fapafapaneng ya ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba ka motheo wa ho etsa phaello.
Dihlopha tsa Boithuso le matsema
Dihlopha tsena ke tsa batho ba ipopileng ngatana ho ithuta mahlale a itseng kapa ho rarolla ditlhoko tse itseng ka morero wa ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba bona. Sepheo sa dihlopha tse ding kapa matsema (dikoporasi) ke ho etsa mekutu ya ho fumana tjhelete e kenang. Matsema (cooperatives) ka kakaretso a ngodisitswe ho latela molao {Molao wa Matsema wa 1981}.
Dihlopha tsa tshebeletso tse thehilweng Bodumeding
Dihlopha tse hoketsweng bodumeding bo fapaneng ka tshebeletso tse arotsweng le tsona di etsa mosebetsi wa bohlokwa setjhabeng. Tse ding tsa dihlopha tsena mohlomong ke tse neng di hlophisitswe ebile di ngodisitswe pele, ka hoo di akaretswa ke serapa sa 8.1.1 ka hodimo. Dihlopha tse ding tsona ke tsa boithaopo bo phethahetseng.
Mokga wa mmuso
Mafapha a naha le a provense a Ntshetsopele ya Setjhaba le mafapha a mang a fapaneng a fana ka ditshebeletso tse amanang le tsa ntshetsopele ya setjhaba (tadima thuso e arolelanwang ya ditjhelete 9.2.5). Seabo sa mmuso wa selehae jwalo ka baabi ba ditshebeletso le sona se a ananelwa.
Mekgatlo eo e seng ya mmuso ka ho phethahala
Mekgatlo eo eseng ya mmuso ka ho phethahala ke mekgatlo eo eseng karolo e phethahetseng ya mokga wa mmuso wa naha kapa wa provense, empa e sebetsa ha mmoho le mmuso mme e thehilwe ka molao o tsamaiswang ke mokga wa mmuso. Ka kakaretso mekgatlo ena e nehelana ka tlaleho ho latela Molao wa PFMA wa 1 wa selemo sa 1999.
Mekgatlo eo eseng ya mmuso ka ho phethahala e ka nehelana ka tshebeletso e ikgethang e welang bonamelong ba leano lena la thuso ya ditjhelete, e jwalo ka ntshetsopele le diphuputso.
TSHEHETSO YA DITJHELETE
Lefapha le amohela hore ha se lona feela leo eleng mohlodi wa tshehetso ya tjhelete bakeng sa batho ba futsanehileng le lehlakoreng la setjhaba se kojwana di mahetleng. Le boetse le amohela hore ka ho ikgetha, mekgatlo e seng e tsepamisitswe hantle e na le bokgoni le metheo e hlokehang ya mantlha bakeng sa ho bokeletsa matlole a ditjhelete. Ho latela boikgethelo ba matlole jwalo ka ha ho tla hlaloswa mona ka tlase, ho fanwa ka ditjhelete tsa thuso ka kutlwisiso ya hore mekgatlo ena e bokella matlole mme e tla tswela pele ho bokella ditjhelete tse tswang mehloding e meng e kang mafapha a mang a mmuso, mekgatlo e fanang ka dinyehelo, mananeo a boikarabelo ba setjhaba lehlakore la dikgwebo tsa praevete, ka diterasete le mekgatlo e thehilweng le tjhelete ya phaello e tswang dinthong tse jwalo ka Loto.
Ka ho nkella hlloohong tsohle tse boletsweng ka hodimo, karolo e latelang e reretswe ho fana ka tataiso tse mabapi le tshehetso ya tjhelete ya thekolohelo le lehlakore la ntshetsopele ya setjhaba bakeng sa ho fana ka ditshebeletso. Karolo ena e tla akaretsa dibaka tse latelang:
Boikgethelo ba tshehetso ya Ditjhelete
Mefuta ya tshehetso ya ditjhelete
Mekgwa ya tefo ya tjhelete ena
Ditlhoko tsa kgetho hore o fumane tshehetso ya tjhelete
Ditlhoko tsa tshehetso ya ditjhelete.
Boikgethelo ba Tshehetso ya Ditjhelete
Lefapha le na le seabo sa bohlokwa tlhophisong ya phepelo ya ditshebeletso. Le etsa jwalo ka ho nehelana ka tshebeletso e jwalo ka bolona, kapa ka ho fumana mekgatlo ya kantle hore e nehelane ka tshebeletso tseo. Leano le ipapisitse le ntlha ya qetelo. Jwalo ka motho ya nkileng kontraka ya ditshebeletso Lefapha le reka ditshebeletso ka boikgethelo ba mekgwa e meraro:
Theko le tshehetso ya ditjhelete ho latela tsela ya thuso ya tlatsetso ya mananeo a kgotsofatsang ditlhoko tsa mantlha tsa Lefapha.
Theko le tshehetso ya ditjhelete ho latela tsela ya thendara e kwetsweng. Maemong a tjena Lefapha le ema ka maoto ho fumana ditlhoko ebe le meme dikopo tse tswang ho baabi ba loketseng ba tshebeletso, ho netefatsa hore ho fanwa ka ditshebeletso moo di hlokehang teng.
Theko le tshehetso ya ditjhelete ya ditshebeletso ho latela tsela ya dithendara tse buletsweng bohle. Moo ho leng tjena, dimemo tsa ho fana ka ditshebeletso di etswa ka mokgwa wa ho latela mehato le maano a dithendara.
Mefuta ya tshehetso ya ditjhelete
Ha ho rekwa tshebeletso, ho na le monyetla wa mefuta e tsheletseng ya tshehetso ya tjhelete eo Lefapha le ka fanang ka yona, eleng:
Tjhelete ya qalo ya tshebeletso
Moo tshebeletso e sa ntsane e le boemong ba kgato tse qalang tsa ntshetsopele mme e eso tshwanelwe ke ho fumana tshehetso ya ditjhelete ho latela sekepele se behilweng, ho ka nna ha nahanwa ka mofuta ona wa tshehetso ya tjhelete.
Tshehetso ya Tjhelete
Mofuta ona wa tshehetso ya tjhelete o ka nna wa lekolwa bakeng sa dintho tse sa jeweng tse kang fanitjhara, theepa le tlhokomelo. Maemong a ikgethang haholo mofuta ona wa tshehetso ya ditjhelete o ka nna wa lekolwa le ona bakeng sa ntshetsopele ya motheo wa mantlha wa tlhekelo, ho latela boinyalanyo le ditlhoko tsa molao mabapi le thuo.
Tshehetso ya tjhelete ya morero o itseng
Ena ke tshehetso ya tjhelete ya mofuta o tlang hang mme e sebetsa mererong ya diprojeke tsa hlokang feela tshehetso ya qalo hore e tle e kgone ho itjara.
Tshehetso ya tjhelete ya karolwana
Mofuta ona wa tshehetso ya tjhelete o sebetsa feela moo karolo e itseng ya tshebeletso e kgolwanyane eleng yona e ananetsweng bakeng sa ho tshehetswa ka tjhelete.
Tjhelete ya thuso e arolelanwang
Tsela ena ya tshehetso ya ditjhelete e etsahala ha baabi ba fapaneng ba thuso ya ditjhelete ba etsa qeto ya ho kopanela tshehetso ya tshebeletso e itseng kapa ho tshehettsa karolo tse fapaneng tsa tshebeletso e batsi.
Tumellano ya tshehetso ya tjhelete ya nako e telele
Mokgwa ona wa tshehetso ya tjhelete o sebetsa ditshebeletsong tse sebetsang nako e telele mme o na le maikemisetso a nako e telele, le katleho ya morero ona e itshetlehile tshehetsong ya tjhelete e tswang Lefapheng hore morero ona o tsebe ho tswele pele ho sebetsa ka ditefello tsa letsatsi le leng le le leng. Tshehetso ya ditjhelete e ntshetswa pele ha feela tshebeletso e ntse e dutse e eteleditswe pele mme ho tiisitswe le taba yanyalano le dipehelano tsa tumellano.
Mekgwa ya tefo
Karolo ena e fana ka moralo wa ka moo Lefapha le tla romela ditefello ka teng ho mafani wa tshebeletso ya keneng tumellanong le lefapha.
Tefo ka dikgato tsa tshebetso
Mokgwa ona wa tefo o sebediswa moo tefo ya tjhelete e hlahlamang e itshetlehileng phetholong e fihletsweng ya mosebetsi wa kgato e fetileng.
Tefo ya thomelo ya tjhelete ka bongata
Ho tla lekolwa taba ya ho romela tjhelete kaofela moo baabi ba tshebeletso ba nang le rekoto e bonahalang ya bopaki ba boinyalanyo, tshepahalo le boikarabelo. Sena se etsahala moo mekgwa e meng ya tefo e sa lokelang, jwalo ka, hara tse ding, maemo a phallo ya tjhelete le boemo bo batlang bo le mangweleng ba tshehetso ya tjhelete.
Tefo ya kgafetsa ka kgefutso tse ileng tsa tsepamiswa pejana
Mokgwa ona wa tefo o bolela hore tjhelete e abetsweng selemo e arolwa ka dikotwana tsa kgwedi le kgwedi, tsa kgwedi tse ding le tse ding tse tharo kapa tse tsheletseng, mme e lefuwa ka tjhelete tse lekanang, ho thusa ka taolo ya phallo ya tjhelete le taolo ya tjhelete e sebediswang.
Lefapha le na le tokelo ya ho tsepamisa hore ke karolo efe ya boikgethelo e tla tshwanela moabi wa tshebeletso. Le ha ho le jwalo, Lefapha le tla nkella hloohong boipiletso bo tla etswa ke moabi wa tshebeletso bakeng sa boikgethelo bo bong bo fapaneng ba tefo.
Tshwaneleho ya thuso ya tjhelete
Moabi wa tshebeletso o tla tshwanelwa ke thuso ya tshehetso ya ditjhelete e tswang Lefapheng la Ntshetsopele ya Setjhaba haeba moabi wa tshebeletso a kgotsofatsa ditlhoko tse latelang.
Moabi wa tshebeletso o lokela hore:
e be o sebetsa ka molao mme a ngodiswe lekgotleng le lokelang;
o mokgatlong o sa etseng phaello ho latela Molao wa Mekgatlo e sa etseng Phaello wa 1997, le ho ba setho sa mokgatlo o sa etseng phaello o ngodisitsweng ka tsela e jwalo kapa a kgone ho hlahisa bopaki ba hore mokgatlo o mathuleng a ho ngodiswa ho latela Molao wa Mekgatlo e sa etseng phaello; ntle le ha tshebeletso e fumanwe ka mokgwa wa thendara o bulehileng;
a fane ka tshebeletso kapa a be le maikemisetso a ho fana ka dtishebeletso bathong le ditjhabeng tse ikgethileng ho nyalellana le dintlha tse beheletsweng ka sehloohong ha mmoho le maikemisetso a Lefapha;
a be le molao wa motheo o kenyeletsang taba ya ho nehelana ka tshebeletso tsa ntshetsopele ya setjhaba;
a be moo ho loketseng, moabi a bontshe bokgoni ba ho fana ka ditshebeletso tse atlehileng le tse babatsehang;
a ntshetse pele taba ya hore ho fanwe ka ditshebeletso ka tsela e tla anela, a nketse hloohong tlhokeho ya tekano ya nakong e fetileng, ho kenyeleditswe botjhaba, bong le karohano ya bodulo ba metseng ya diteropo le boo eseng ba metseng ya diteropo;
a ntshetsa pele taba ya ho kenyeletsa bohle le hore ho be le boemedi bo botle taolong le tlhophisong ya ditshebeletso, ho kenyeleditswe motheo wa dikomiti tsa taolo o bontshang ka mokgwa o batsi batho ba sebeletswang;
a kgone ho ikarabela tshebedisong ya thuso ya tshehetso ya ditjhelete e tswang Lefapheng ka mokgwa o amohelehang le ho latela dipallo tsa Molao wa Taolo ya Tjhelete tsa Setjhaba (PFMA) wa 1 wa 1999. Hona ho hlalosa hore maikutlo a lokela ho tsepamiswa tshebetsong e tswileng matsoho, tshebetsong e bontshang kolopeto le katleho ya mananeo ekasitana le tshwaro e hlwahlwa ya taolo ya ditjhelete;
e be o ngodisitswe ka molao ho latela molao ofe kapa ofe o mong o amanang le tshebeletso ka ho qoholleha (mohlala. Molao wa Tlhokomelo ya Bana, wa Batho ba tsofetseng, jwalo jwalo.) o hlokang ngodiso e jwalo;
a tshehetse le ho itlama ho arolelana mehlodi le ho fana ka mahlale a tsebo ho mekgatlo e ntseng e thuthuha.
Ditlhoko tsa tshehetso ya ditjhelete
Baabi ba tshebeletso ba lokela ho nehelana ka moralo wa kgwebo jwalo ka sena se laeleditswe mohatong wa tataiso.
Moralo wa kgwebo o lokela ho ba le bonyane lesedi le latelang:
Maikemisetso, tshebetso le sephetho.
Ditekanyetso tse thehilweng hodima tshebetso tse bontshang bongata ba tjhelete e hlokehang le sepheo seo tjhelete e tla se sebedisetswa.
Le lesedi lefe kapa lefe la tlatsetso le hlokehang ka molao kapa ho latela tsamaiso, ho kenyeleditswe:
Diteitmente tse ntjha tsa ditjhelete tse hlakisitsweng
Ngodiso ya Mokgatlo o sa etseng phaello kapa ngodiso efe kapa efe e nngwe e hlokehang
Molao wa motheo
Netefatso ya dintlha tsa poloko ya ditjhelete
Phatlalatso ya tiisetso ya Ditjhelete
Seabo le boikarabelo ba mafani wa tshebeletso ya amehang le sa Lefapha di tla hlakiswa hantle tumellanong e tla saenelwa ke mahlakore ana a mabedi.
DITUMELLANO
Ditekanyetso tsa ditjhelete tsa Mmuso di laolwa ho latela motheo wa nako e bohareng wa moralo wa tshebetso wa tshebediso ya tjhelete (MTEF), eleng moralo wa dilemo tse ngata o akaretsang sedikadikwe sa dilemo tse tharo. MTEF e thusa mmuso hore o rale ka tsela ya lewa ho latela motheo wa mehlodi ya ditjhelete o hopoletsweng nako e tlang. Hore Lefapha le kgone ho arabela ka tsela e loketseng ditlhokong tsa ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba ya naha ena, le lokela ho ba boemong ba ho shebela pele tshusumetso e tla utlwahala tjheleteng ha ho fanwa ka tshebeletso ka motheo wa dilemo tse ngata.
Ka hohle ka moo ho kgonehang ka teng le moo ho lokelehang teng, meralo ya kgwebo e lokela ho fana ka setshwantsho sa moralo wa dilemo tse ngata le ditekanyetso tsa nakong ya ho fihlela ho dilemo tse tharo. Ntho ena e tla etsa hore Lefapha le kgone ho nkella hloohong nepahalo le bokgoni ba ntshetsopele ya mekutu ya nako e telele e reretsweng ho rarolla dintlha tse eteleditsweng pele le ho susumetsa tshuthiso tse tlisang phetoho. Maemo a tshehetso ya ditjhelete bakeng sa selemo se hlahlamang ha mmoho le kananelo ya motheo ya tshehetso ya ditjhelete nakong e teletsana e tla itshetleha sephethong sa tlhatlhobo ya mosebetsi o entsweng papisong le maikemisetso a tsepamisitsweng ha mmoho le bonamo boo moabi wa tshebeletso a kgonang ho kgotsofatsa diphepetso tsa diphetoho ka ona.
Ditebello tse tshwanang ka mahlakoreng a mabedi mabapi le tshehetso ya ditjhelete le taba ya ho fana ka ditshebeletso ke dintho tse tla ngolwa ka molao tumellanong e tla saenelwa ke Lefapha le moabi wa tshebeletso. Boikarabelo bo totobaditswe ka mokgwa o hlakileng. Ho feta mona, tumellano le yona e totobatsa boitlamo ba moabi wa tshebeletso ho latela tseo a lokelang ho di phethahatsa, tlaleho le boikarabelo ekasitana le mehato ya tlhatlhobo e tla latelwa ho netefatsa boikarabelo ba ditjhelete tsa setjhaba tse amohetsweng.
Lefapha le ka nna la kena tumellanong ya selemo se le seng kapa maemong a mang le ka nna la kena tumellanong tsa dilemo tse ngata le baabi ba ditshebeletso. Tumellano ena ya bobedi e tla etswa moo Lefapha le kgotsofetseng hore tumellano ya selemo se le seng e keke ya kgoneha le hore ha e batlehe ka lebaka la sebopeho sa tshebeletso, mofuta le boemo ba letsete ekasitana le bobatsi ba moralo.
Hara tse ding, tumellano e tla akaretsa dipehelo tsena tse latelang:
Se lebeletsweng tshebeletsong ka ho ikgetha dibakeng tse qoholehileng.
Ditlhophiso tsa ditjhelete.
Seabo le boikarabelo ba Lefapha ha mmoho le moabi wa tshebeletso.
Nako ya tumellano.
Ditlhoko tsa ho fana ka tlaleho le boikarabelo ditjheleteng nakong tse itseng tse tsepamisitsweng.
Tlhokomelo le tlhatlhobo ya ditlhophiso.
Tlhokomelo le tlhatlhobo ke mosebetsi o tswelang pele le o tla dula o ntshetswa pele.
Sepheo sa tlhokomelo le tlhatlhobo ke ho lekanya boinyalanyo le tumellano, dipehelano tsa ho fana ka ditshebeletso le taolo ya ditjhelete. Mona ho tla kenyeletswa, le ha ho keke ha fellwa feela moo, tlhokomelo le tlhatlhobo ka ho sebedisa katamelo ya tekanyo ya karete ya tekolo ya dintlha, e nang le mahlakore a latelang:
Ditjhelete ? bonamo ba ka moo moabi wa tshebeletso a inyalanyang le dipallo le ditlhoko tse tsepamisitsweng tsa tumellano, le hore naa lewa la moabi wa dipatlisiso, phethahatso le phethiso di na le nyehelo hore ho fihlelwe sepheo, le ho fana ka poello hodima letsete le boleng ba tjhelete.
Mosebedisi ? lehlakore lena le tsepamisa maikutlo hodima tshebeletso eo ho fanwang ka yona ha mmoho le kgotsofalo ya mosebedisi kapa moamehi ka sephetho sa tshebeletso; ntho ena e bontsha karabelo, nako, botshepehi, tiisetso le kutlwelo mabapi le moamohedi ya fuwang ditshebeletso tsena. Ntho ena e kenyeletsa tsepamiso le ho kgethulwa dikalwana ha sebaka sa tshebeletso le ho lekanya katleho ya tlhophiso dibakeng tseo tse habilweng tse kgethutsweng.
Lehlakore la Tlhophiso (kgwebo ya ka hare) ? lehlakore lena le tsepamisa maikutlo tshebetsong tsa bohlokwa tsa kahare tseo moabi wa tshebeletso a lokelang hore a itje ka tsona hore a fihlele boikemisetso ba lewa la hae. Tshebetso tsa kgwebo ya kahare di lokela hore di etse monyetla wa ntlafatso ya katleho e tswelang pele motjha o tjhele e mabapi le bokgoni ba sehlooho ba tlhophiso le bokgoni ba ho fihlella mekolokotwane e behilweng le ho fihlella kgotsofatso ya mosebedisi. Sena se boetse se bolela hore moabi wa tshebeletso o lokela ho hlophisa tikoloho hore ho be le nyalano ha mmoho le karabelo ya mabaka a ho tlisa diphetoho.
Lehlakore la dintlafatso le tlwaelo ya ho ithuta ? mokgatlo o lokela hore o dule o fetola ka dinako tsohle dihlahiswa tsa ona le tshebeletso tse fuwang mosebedisi ho kgema le sekgahla sa tswelopele tse ntjha le ditlhoko tsa tshebeletso. Ntho ena e boetse e amana le ntlafatso ya ho ya ho ile ya boleng ba shebeletso e fuwang baamohedi, e le hore e nepahale, e sebetse hantle le ka bokgabane, le hore e kgone ho hata mmoho le ditlhoko tse fetohang tsa setjhaba se sebeletswang. Hona ho bolela hore ho tshwanetse ho be le thupelo le matlafatso ya moifo wa basebetsi hore ba kgone ho etsa mesebetsi eo ba e abetsweng, le ho ntshetsa pele tlwaelo e hlwahlwa ha mmoho le ntshetsopele ya boithuto le kgolo ya mokgatlo.
Karolo ya bohlokwa ya tlhokomelo le tlhatlhobo e tla ba e tobileng mehatong ya ntlafatso e tla sebediswa maemong a moo ho bonahalang bofokodi bo le teng le ho se ikamahanye le dipehelano.
Dibaka tse nne tsa tlhokomelo le tlhatlhobo tse boletsweng ka hodimo, hara tse ding di tla kenyeletsa le dintlha tse latelang:
Ho kgema le molao o lokelang, maano le ditlha tse eteleditsweng pele, ditabatabelo le maemo ekasitana le mehato.
Ho netefatsa hore ditjhelete tse abilweng di sebedisetswa merero eo ho dumelanweng ka yona tumellanong.
Ho tsepamisa hore naa ho ikamahanngwa le mabaka a qobellang hore ho be le diphetoho.
Ho kgothaletsa tlwaelo ya ho sebetsa ka tsela e hlwahlwa.
Ho tsepamisa hore naa ho na le kameho e phethahetseng ya batho ba folang molemo ho sena, baamehi le setjhaba moralong wa sebopeho sa mokgatlo, maano a (tsamaiso) le taba ya ho fana ka tshebeletso.
Ho hlokomela phethahatso ya lewa la taolo ya phapano mokgatlong.
Ho hlokomela hore naa mokgatlo o na le moralo o tla tshwarella nako e telele.
Moabi wa tshebeletso o lokela ho hlokomela le ho disa tshebetso eo eleng ya hae, ka kopanelo le ba folang molemo, ekasitana le ho netefatsa hore o fana ka tshebeletso ya boleng. Lefapha le tla sebedisa lesedi lena e le karolo ya tshebetso ya lona ya tlhokomelo le tlhatlhobo.
PHOKOTSO, PHANYEHO LE KGAOTSO YA TSHEHETSO YA DITJHELETE.
Lefapha le na le tokelo ya ho fokotsa, ho fanyeha kapa ho kgaotsa tshehetso ya tjhelete ho latela tlhatlhobo ya bonamo ba moo tlhokeho ya boipapiso le dipehelo tse fuperweng ke tumellano di ileng tsa e ba teng. Tlhokeho ya boipapiso e ka etsahala dibakeng tse latelang:
Dipehelano tse mabapi le ho finyeletsa tjhelete kapa thuso ha di a phethahatswa.
Ha ho sa hlokeha thuso ya tjhelete.
Merero eo ho dumellanweng ka yona ha e a fihlellwa.
Tjhelete e seng e rometswe ya tefo kapa thuso ha e fane ka boleng ba tjhelete papisong le sepheo le merero.
Moo tjhelete ya tshehetso ya tjhelete e nkuwang e fokoditswe, e fanyehilwe kapa e kgaoditswe Lefapha ho latela molao wa kakaretso le tla ipapisa le ditlhoko tsa toka ya tsamaiso. Mona ho tla kenyeletswa tse latelang:
Ho tla fanwa ka tsebiso e lekaneng ya sebopeho le sepheo sa mohato wa tsamaiso o lohothwang.
Ho tla fanwa ka sebaka se lekaneng ho moabi wa tshebeletso ho tshetleha lehlakore la taba tsa hae.
Ho tla fanwa ka tlhaloso e hlakileng ya mohato wa tsamaiso.
Ho tla fanwa ka tsebiso ya tokelo efe kapa efe kapa tekolo kapa boipiletso ba kahare moo ho tshwanelehileng teng.
Ho tla fanwa ka tsebiso e lekaneng ya tokelo ya ho kopa mabaka.
Hangata phokotso, ho fanyehwa kapa ho kgaotswa ho tla etswa ka morao hoba ho tshwarwe ditherisano ka teko ya ho thusa moabi wa tshebeletso hore a lokise boemo boo eleng pharela. Le ha ho le jwalo, maemong a itseng tlolo ya dipehelano tsena e matla haholo hoo tshehetso ya tjhelete e ka kgaotswang hang hang, hore e se hlole e ba teng kapa e ka kgaotswa nako e itseng. Mohato ona o tla sebediswa maemong a kang a:
Moo ditjhelete di laolang hampehadi haholo;
Moo morero wa projeke eo ho dumellwang ka yona e emisitseng ka ho phethahala;
Moo ba lokelang ho fola molemo ba hlekefetswang, ba tshwerweng hampe kapa ditokelo tsa bona di sa hlomphuweng le letho feela;
Moo moabi wa tshebeletso a ileng a fumana tjhelete kapa a sebedisitseng tshehetso ya tjhelete ka mokgwa wa bomenemene;
Moo moabi wa tshebeletso a ileng a fumana tjhelete Lefapheng empa a seke a phethisa tshebeletso eo ho dumellanweng ka yona;
Moo ho hlokehang boikamahanyo le ditlhoko mabapi le ho nehelana ka tlaleho ho latela ka moo ho tsepamisitsweng ka teng, ho kenyeleditswe le diteitmente tsa ditjhelete.
DIQABANG
Diqabang di ka qhoma nako le nako ka dintlha tse amanang le kutlwisiso le phethahatso ya leano, ho kenyeleditswe le tlhatlhobo le tekanyo ya mananeo le ditshebeletso, ho hlwauwa le kabo ya mehlodi bakeng sa moabi wa tshebeletso ekasitana le phokotso, ho fanyehwa le ho kgaotswa ha thuso ya tshehetso ya tjhelete. Ho ka lebiswa boipiletso ho balaodi ba phethahatso. Tsela e ka latelwang mabapi le ntlha ena e totobaditswe ka botebo mohatong wa tataiso.
KGOKAHANO LE DITHERISANO
Lefapha le tla hlophisa meralo le tsela ya tshebetso ho matlafatsa kgokahano le ho netefatsa hore ho na le ditherisano maemong a fapaneng a mmuso, mekgatlong ya setjhaba le ho baabi ba tshebeletso e le ho etsa bonnete ba hore ho na le :
Tlhatlhobo ya ditlhoko le ditlhoko tse eteleditsweng ka pele ho feta;
Mehlodi e finyella bohle ka ho tshwana e le ho rarolla qaka eo esale e le teng ya tlhokeho ya tekano;
Ditherisano tabeng ya ho fumana baabi ba ditshebeletso ba tshwanelehileng ho arabela ditlhokong tsa setjhaba;
Ditherisano mabapi le ntsetsopele le phethahatso ya maano le mawa a Lefapha.
Ditherisano di tla tshwarwa ho latela moralo wa tshebetso wa thomo ya Lefapha jwalo ka ha o hlahisitswe molaong, ditemaneng tsa leano, kabong ya ditekanyetso le ditaelong tsa lewa.
Tsela tsa tshebetso ya tsamaiso tse amanang le leano di tla botjwa le ho fana ka tsona ka botebo leqepheng le ka thoko le ikgethileng. Diprovense di ka nna tsa etsa mohato wa tataiso wa phethahatso ya leano. Tsona di lokela ho balwa ha mmoho le leano ebile e le karolo ya leano lena.
Ho bonahetse hore nakong ya hona jwale mafapha a diprovense le a naha ka kakaretso a haellwa ke bokgoni ba ho phethisa le ho phethahatsa leano lena. Lefapha ka tsela ena le tla lebellwa ho bopa bokgoni bo hlokehang ba tlhophiso le bo phethahetseng maemong ana ka bobedi.
Sehlomathiso A
BOIKARABELO:
Boitlamo ba hore motho a ikarabelle mekgweng ya tshebetso ya mosebedisi, meifong ya taolo, ho baabi le institjhusheneng tse ikgethang tsa mmuso bakeng sa lethathama le boleng ba ditshebeletso tse phethilweng, kabong le tshebedisong ya mehlodi ha mmoho le ho fihlella maikemisetso.
DITEITEMENTE TSE HLAKISITSWENG TSA DITJHELETE:
Diteitemente tsa ditjhelete tse hlahlobilweng ke mohlakisi wa ditjhelete (oditara) ya ngodisitsweng kapa akhaontente ebile e le ditokomane tse bontshang boemo ba ditjhelete ba karolo ho latela metheo e amohelehang ka kakaretso ya boikarabelo ba tjhelete.
BA UNANG MOLEMO:
Motho ya amohelang thuso ya tjhelete ya boiphediso kapa thuso e nngwe ya tjhelete e tswang projekeng kapa lenaneong la setjhaba.
DITEKANYETSO TSA DITJHELETE:
Mokgwa wa tshebetso oo ka ona ho tadimelwang pele mabapi le tjhelete e sebetsang le ditjhelete tse ding tse tla sebediswa mabapi le ditshebeletso tsa kantle nakong e itseng, ha mmoho le mehlodi ya sebele kapa monyetla wa mehlodi e ka thetlwang ho fumana tjhelete nakong yona eo.
MORALO WA KGWEBO:
Moralo o nang le dintlha kaofela wa ka moo ba etsang mosebetsi ba rerileng ho fana ka ditshebeletso ka teng ho moamohedi wa ditshebeletso le hore mehlodi e tla sebediswa ka tsela e jwang.
HO BALWA HA BATHO HA 2001:
Lesedi le bokellwang ka ho bala setjhaba dilemong tse ding le tse ding tse pedi le sebedisetswa meralo ya tlhekelo ya motheo le ya mantlha ya naha ekasitana le mekgwa e metjha
TSHEPAHALO:
Ha botho ba motho bo tshetjwa ke batho ba phelang le yena hore a phethise mesebetsi ya mokgatlo kapa ya institjhushene.
MEKGATLO YA SETJHABA:
Mekgatlo e qadilweng ke baahi ba naha e kenyeletsang e kang e sa etseng phaello, dihlopha tsa boithuso kapa boikgwantlello le matsema (dikoporasi) mekgatlo e thehilweng bodumeding le dihlopha tsa ditshebeletso, le mekgatlo e thehilweng setjhabeng.
MOLAO WA MOTHEO
Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, wa 1996 (Molao wa Nomoro ya 108 wa 1996)
MEKGATLO E THEHILWENG SETJHABENG:
Mekgatlo e thehilweng ho kgotsofatsa ditlhoko tse ikgethang tsa setjhaba e fumanehang kahare ho setjhaba seo ba se sebeletsang.
NTSHETSOPELE YA SETJHABA
Tsela ya tshebetso le mokgwa o reretsweng ho matlafatsa bokgoni ba setjhaba hore se kgone ho arabela ditlhokong tsa sona ka bosona le ho ntlafatsa bokgoni ba ntshetsopele, ka ho sebedisa setjhaba, dikatamelo tse thehileng matleng le mananeong a matlafatso.
TUMELLANO:
Tumellano ya molao dipakeng tsa mahlakore a mabedi kapa a fetang moo ya ho etsa kapa ho phethisa mesebetsi ho ya ka moralo wa tshebetso wa molao.
MOLAO WA MOTHEO:
Tokomane ya molao e fupereng tlhaloso ya motheo, ponelopele le maikemisetso a batsi a mokgatlo. E akaretsa mehato kaofela le boitshwaro bo hlokehang tsamaisong e nepahetseng le tsela eo mokgatlo o sebetsang ka yona. Moo eleng Diteresete le difaondeishene tse ngodisitsweng mona ho kenyeletswa le Diditi tsa Terasete (Trust Deeds) ho ya ka Molao wa Taolo ya Theepa ya Terasete wa 1988, le moo e leng Dikhampani tsa Karolo ya 21 (Section 21 Companies) tse ngodisitsweng, Memorandamo le ?Articles of Association?.
THOMO YA MOLAO WA MOTHEO:
Boikarabelo ba mafapha a mmuso a naha, a provense le a puso ya selehae ba ho fana ka ditshebeletso tse kgemang le dintlha tseo mmuso o di eteleditseng pele le ditlhoko jwalo ka ha di fuperwe ke molao wa motheo wa naha.
BOTSHEPEHI
Ho ba le tumelo ho mokgatlo kapa instiotjhushene e mahlong a setjhaba.
LEFAPHA LA NTSHETSOPELE YA SETJHABA:
Ntshetsopele ya setjhaba ya lefapha la naha le la provense kapa la thekolohelo le ikarabellang hore hore le fane ka tshebeletso ya ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba ka ho otloloha kapa ka tsela e sa otlolohang. Sena se boetse se mabapi le Ofisi efe kapa efe ya lefapha e abetsweng mosebetsi o jwalo lebatoweng, seterekeng kapa sebakeng sa selehae, moo ofisi tsena di fumanehang teng.
THEKOLOHELO YA NTSHETSOPELE YA SETJHABA:
E thehilwe hodima tshireletso ya setjhaba, matlafatso e phethahetseng ya bokgoni ba botho le kgothaletso ya boikgwantlello le ho kenya letsoho ha ho etswa diqeto. Thekolohelo ya ntshetsopele ya setjhaba e thehile maikutlo ka ho ikgetha ho disosa le tshusumetso tsa ho pepeseha ha setjhaba le ho behwa ka mosing ha sona, le ho fana ka tshebeletso tse kopantsweng tsa setjhaba, tsa malapeng le bathong ba anngweng ke maemo ana.
TSHEHETSO YA TJHELETE:
Kabo ya matlole molemong wa tshebeletso ya ntshetsopele ya thekolohelo ya setjhaba.
Sehlahiswa sa Tekanyo ya kgolo ya moruo wa naha ke tekanyo ya kgolo ya moruo wa naha papisong le dinaha tse ding.
MMUSO:
Mmuso wa Rephaboliki ya Afrika Borwa.
MEKGATLO E THUTHUHANG:
Mekgatlo e metjha e qalang ho kena tshebetsong ya ntshetsopele le kapa esoka e ba le bokgoni bo lekaneng ha mmoho le disebediswa ekasitana le mehlodi eo eleng ya yona hore e kgone ho dula e le teng.
HO FANA KA MEHLODI KA MOKGWA O ANELANG:
Karolelano ya mehlodi dipakeng tsa dihlopha tse pedi kapa ho feta moo, ka mokgwa wa ho etsa bonnete ba hore ditlhoko tsa ba neng ba tinngwe menyetla nakong e fetileng di kgotsofatswa ntle le leeme ka sepheo sa ho fihlella tlhoko tsa bohle.
Tlhatlhobo e latelang mehato hantle ebile e ikemetse ya morero wa projeke hore ho tsepamiswe hantle tlhopiso e phethahetseng, katleho, tshusumetso le matla a ho itjara nako e telele.
DITOKOMANE TSA MOTHEO:
Di kenyeletsa memorandamo le ?articles of association? tsa khampani, Diti ya terasete, le molao wa motheo wa moabi wa tshebeletso ya lokelang kapa mokgatlo wa baithaopi kapa mekgatlo ya naha.
TJHELETE YA THUSO:
Tjhelete e lefuwang ka kgwedi e tswang matloleng a ditjhelete tsa setjhaba ho hlokomela motho kapa baotlwa ba ba loketseng ho latela molao.
DITOKELO TSA BOTHO:
Ditokelo tse kenyelleditsweng Molaong wa Motheo.
Kopano e pakeng tsa boradipolotiki kapa dihlooho tsa mmuso le setjhaba, ka sepheo se le seng sa ho abelana le ho rerisana ka ditaba tse amang setjhaba le/kapa naha.
Diphetoho tse nepahetseng le tse sa nepahalang tse hlahiswang ka ho otloloha kapa ka tsela e sa otlolohang, ka morero wa projeke kapa lenaneo.
DITSHEBELETSO TSE KOPANTSWENG:
Ditshebeletso tse hokahantsweng le ho etswa ka mokgwa o phethahetseng le ka mokgwa wa dikarolo tse fapaneng tse sebeletsanang mme di na le karolo tse latelang:
Katamelo e makala a mangata eseng e sebetsang ka makala a le mang ho etsa mosebetsi.
Mafapha a fapaneng, mekgatlo, le dikgwebo tse sebetsang ha mmoho ho nyehela tshebeletsong e phethahetseng e reretsweng ho rarolla ditlhoko tsa ba lokelwang ke ho amohela kapa ho fola melemo.
MEKGATLO EO E SENG YA MMUSO (di-NGO):
Ho na le mekgatlo eo eseng ya mmuso e fanang ka tshebeletso e molemong wa setjhaba haholo.
Mekgatlo e ikemetseng, meifo, diterasete, dikhampani kapa mekgatlo ya batho ba sebetsang boemong ba naha, ba diprovense le kapa ba selehae ho fana ka tshebeletso tsa thekolohelo ntle le ho fumana phaello, empa molemong wa sepheo sa setjhaba. Tjhelete e kenang le maruo e keke ya fuwa ditho tsa mokgatlo wa mofuta ona kapa batho ba leng ditulong ntle le ditlhapiso tse utlwahalang bakeng sa ditshebeletso tse entsweng. Karolo tsena di ngodiswa kapa di keke tsa ngodiswa ho latela Molao wa Mekgatlo e sa etseng phaello (Molao wa nomoro ya 71 wa selemo sa 1997), Molao wa Naha wa Thekolohelo, (Molao wa Nomoro ya 100 wa 1978) kapa molao ofe kapa ofe wa thekolohelo o laolang mofuta ona wa tshebeletso.
Moifo o kgethilweng ka moo ho tshwanetseng ka teng ho emela batho ba unang molemo jwalo ka karolo ya molao.
LEKGOTLA LA TAOLO:
Sehlopha sa batho ba kgethilweng kapa ba menngweng ka boithaopo ho etella pele le ho tataisa ekasitana le ho laola ditaba jwalo ka baetapele ba molao ba Mokgatlo o sa etseng phaello (di-NPO). Ditho di tla kenyeletsa batho ba nang le mahlale le ditsebo tse fapafapaneng tse hlokwang ke mokgatlo.
TLLHOKOMELO
Tlhokomelo kapa bodisa bo tswellang kapa ba dinakong tse itseng ba phethahatso ya morero wa projeke ho netefatsa hore tsohle tse etswang, mesebetsi le mabaka a kantle, di tswella pele ho latela moralo.
Kgutsufatso ena e bolela (Medium Term Expenditure Framework), Moralo wa Tshebetso wa Tshebediso ya ditjhelete Nakong e Bohareng eleng ntho e hlokang mmuso hore o etse moralo wa ditjhelete wa nako ya dilemo tse tharo.
SELEKANE:
Boikarabelo bo kopanetsweng ke mmuso, mekgatlo ya setjhaba le lehlakore la kgwebo, ba ho phetha ditshebeletso.
NAKO YA KA MORAO HO SELEMO SA 1994:
Nako ya ka morao hoba kgethollo ya ?apartheid? e fediswe mme ho thehwe puso e ntjha moo metheo ya puso ka setjhaba kapa demokrasi e ileng ya fetoha karolo ya puso e ntjha jwalo ka ha ntlha ena e fuperwe ke molao wa motheo wa naha ena.
BOFUMA:
Malapa, batho le kapa dihlopha tse phelang ka tlase ho moedi wa bofutsana, le batho ba fumanehileng ho feta ba hlokang mehlodi ya ho kgotsofatsa diphepetso le ditlhoko tsa mantlha tsa bophelo.
NYEHELO YA PRAEVETE:
Dinyehelo tse fumanweng ho batho kapa dikarolo kapa mekgatlo e sebetsang ka boikemelo e sa itshetleha mmmusong.
LENANEO:
Sehlopha sa merero ya diprojeke tse amanang kapa ditshebeletso tse tobisitsweng hore ho fihlelwe maikemisetso (ka tlwaelo a tshwanang kapa a amanang) a qoholehileng.
MORERO WA PROJEKE:
Morero o hlophisitsweng o etseditsweng ho fihlela maikemisetso a itseng a ikgethang nakong ditekanyetso tse itseng le nakong e tsepamisitsweng.
NYEHELO YA SETJHABA:
Nyehelo e amohetsweng setjhabeng ka kakaretso.
Tjhelete e kenang e bokeletswe ke mekgatlo e fapaneng ka bonngwe ba yona.
BAABI BA DITSHEBELETSO:
Batho, mekgatlo le dibopeho tse fanang ka tshebeletso ya thekolohelo boemong ba naha, ba provense le ba selehae, dihlopheng le bathong ka morero wa ho ntlafatsa boiphediso ba bona. Baabi ba ditshebeletso ba ka kenyeletsa: matitjhere, basebeletsi ba thekolohelo, basebetsi ba tlhokomelo ya bana le batjha, baoki, maponesa, jwalo jwalo.
LEHLAKORE LA NTSHETSOPELE YA SETJHABA:
Lehlakore le nang le moifo wa basebetsi bao sepheo sa bona sa sehlooho eleng ho fana ka ditshebeletso tsa thekolohelo ya setjhaba e sekametseng ntshetsopeleng ya setjhaba.
HO SENYEHA HA DIKAMANO TSA SETJHABA:
Ho senyeha kapa ho fokola ha dikamano tsa botho setjhabeng eleng ntho e etsang hore ba hlolehe ho phela ka mokgwa o amohelehang.
DITSHEBELETSO TSA SETJHABA
Di tsepamisa maikutlo lethathameng le pharaletseng le le batsi ho feta la ditshebeletso tse amanang le thekolohelo ya setjhaba le ntshetsopele tseo ho fanwang ka tsona ka tsela e fapaneng ho netefatsa hore ho na le mekutu ya tharollo e kopanetsweng le e tla tshwarella ho ya ho ile.
THUSO YA TLATSETSO:
Thuso ya ditjhelete eo mmuso o fanang ka yona e le tjhelete e tlatseletsang tjheleteng ya Mekgatlo e sa etseng Phaello (di-NPO) ka morero wa ho reka ditshebeletso tsa bona.
HO TSHWARELLA HO YA HO ILE:
Bonamo ba ka moo institjhushene e kgonang ho tswela pele ka boyona ho tsitlallela ho emela boikemisetso ba yona ka morao hoba thuso e hlohlwang morerong ona e fele.
SEHLOPHA SE HABILWENG:
Sehlopha se qoholotsweng se tla fola molemo morerong wa projeke e etswang kapa lenaneong le hlophisitsweng.
THENDARA:
Ketso ya molao ya ho itlhahisetsa monyetla wa ho nehelana ka tshebeletso kapa ho etsa mosebetsi o itseng.
MOTHO YA THENDARANG:
Motho ya lohothwang ya tla fepela diphahlo kapa a fane ka tshebeletso e itseng.
HO ROMELWA HA DITEFELLO:
Tjhelete e abetsweng ho tshehetsa ka ditjhelete meifo ya naha hore e etse mosebetsi o itseng lebitsong la lefapha.
DIPHETOHO:
Mosebetsi wa ho fetola sebopeho sa ditlhophiso le mokgwa oo tshebeletso e phethiswang ka teng e le ho ipapisa le thomo tsa molao le tsa leano tse amanang le tshehetsa baabi ba ditshebeletso ka tjhelete.
MOITHAOPI:
Motho ya sebeletsang setjhaba mme tshebeletso ya hae ya mananeo a tsamaiso kapa a ho bokella ditjhelete tsa matlole e sa lefellwe letho. Le ha ho le jwalo, ntlheng tse itseng, ho na le hore moithaopi a fuwe tjhelete ya ditshenyehelo tsa hae ke Mokgatlo o sa etseng Phaello kapa Mokgatlo oo eseng wa mmuso, mme ka dinako tse ding hona ho etswa feela e le tefo e fuwang baithaopi ya sesupo sa kananelo ya seabo sa boithaopo.
Batho ba kojwana di mahetleng ba pepesehileng hore ba ka thulana le mathata a bophelo ka lebaka la maemo a bona.
MEKGATLO E TSEPAMISITSWENG HANTLE:
Mekgatlo e nang le bokgoni le mehlodi e anetseng ya ho hlokomela le ho tshehetsa batho ba itshetlehileng thusong ya tshehetso ya bona.
